Ditataiso mabapi le ho sebedisa botsamaisi ba mehlodi ya tlhaho bo thehilweng metseng (CBNRM) Afrika Borwa
Diteboho
Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi, GTZ le DAI a lakatsa ho leboha batho ba latelang bakeng sa tlatsetso a bona e tswileng matsoho ditataiso:
Moifo wa CBNRM , o entseng ditataiso tsena
Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru le Lefapha la Ditaba tsa Temo le Mobu
Mmuso wa Profensi le wa Lehae diprofensing kaofela ka ho tsamaisa lenaneo lena le ka ho fana ka tshehetso e tswileng matsoho
Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi .. ..1
Pale ya batho, tlhaho, ho phonyoha ... le tshepo bakeng sa bokamoso..2
Mabapi le ditataiso tsena..5
Karolo 2 Metheo e meholo e supileng le ditataiso .. . 21
Karolo 3 Diphephetso .. . 43
Karolo 5 Ditataiso tse leshome le motso o le mong bakeng sa metse .. . 49
Karolo 6 Ditataiso tse sebetsang tse leshome le motso o le mong bakeng ditsebi tsa tshebediso ya CBNRM .. . 53
Karolo 7 Ditataiso tse leshome le metso e meraro bakeng baetsi ba dipholisi .. . 57
Lethathamo la mabitso le dinomoro tsa difounu .. 61
DITATAISO
DITATAISO
Selelekela
Ho haola le naha-haholo-holo dibakeng tsa mahaeng le ka ntle ho metse e meholo e jwaloka Johannesburg le Durban le Polokwane—batho ba dimilione ba rema dimela tse hlaha le ho bokella diphoofolo mme, ba ba ntse ba etsa jwalo, ba sebetsa ka thata ho fumana ditsela tsa ho sireletsa tlhaho e le hore meloko ya ka moso e ka una melemo e mengata. Batho bana ba kenyelletswa lenaneong le bitswang Community Based Natural Resource Management – CBNRM – (Botsamaisi ba Mehlodi ya Tlhaho bo Thehilweng Metseng).
Mosebetsi wa bona o na le tshwaetso ya bohlokwa polokong ya mefuta ya dintho, botsamaisi bo tsitsitseng, ho ntlafatswa ha boleng ba bophelo ba batho, ho fokola ditekanyo tsa bofuma le ho sireletsa bophelo ba dintho tsa mefuta e fapaneng. Ho pota lefatsheng, batho ba dimilione jwale ba elellwa kamoo ho leng bohlokwa ka teng ho fihlella dintho tsena ka hobane Lefatshe le dintho tsohle tse phelang ho lona le ho hola hodimo la lona di tadimane le tshokelo e kgolo ka ho fetisisa haesale ho tloha dilemong tse ngata-ngata tse fetileng ha ho ne ho timetswa ka ho feletseng diphoofolo tsa ditonanahadi tsa didaenasose.
Bukana ena e tshetse dikeletso le ditlhahiso tse itseng, ditataiso, bakeng sa baahi ba Afrika Borwa—batsamaisi ba mmuso, batsamaisi ba Mekgatlo eo e seng ya mmuso (NGO) le batho ka kakaretso—ba lakatsang ho etsa hore CBNRM le sebetse ka katleho.
DITATAISO
Pale ya batho, tlhaho, ho phonyoha ... le tshepo bakeng sa bokamoso
Letsatsi le leng le le leng, ho iphaphatha le lebopo la Afrika Borwa, sehlopha sa basadi se theohela lewatleng ho bokella dihlapi tse bitswang dimasele le ditlhapa tsa kgaketla ka ho di tlosa majweng. Ba tshwanetse ho etsa sena ho fepa bana ba bona. Merung o utlwa modumo wa ho rojwa ha makala a difate ha basadi ba rema difate tsena e le hore ba etse mafielo ao ba tla a rekisa mebileng ya toropo e haufi le moo ba dulang teng. Ha ba ntse ba etsa jwalo, banna ba bona ba akgetse matlowa metsing a noka e phallang ho haola le motsana wa bona. Banna bana ba siya lapeng dihlapi tse ding tse ba di tswasitseng le ho aneha tse ding hodima mollo hore di ome le ho kenwa ke mosi pele ba tloha ho ya toropong e tshwanang ho di rekisa.
Haufinyana le moo, ho kenella naheng ho tloha lebopong la lewatle le methipolohong ya dithaba tse okametseng motsana ona wa bona, bashanyana ba fodisa mehlape ya dikgomo tsa bo-ntate ba bona.
Ka matsatsi a mang, ba feta ngaka ya Mosotho motsaneng wa bona e tshwarehile e bokella metso, ditlama le makgapetla a difate hore e etse ditlhare. Ka letsatsi le leng bashanyana ba feta dihlopha tsa banna ba tshwereng dithunya ...disaga tse sebetsang ka motjhini. Dihlopha tsena di tlile ho seha difate tsena tsa kgale tsa nkang nako e telele hore di hole e le hore ba rekise difate tsena fekthering ya lehong e haufi le toropo ya bona. Ha banna bana ba ntse ba kgaola difate tjena, ba ntse ba hlahlile mahlo ho sheba diphoofolo tse jwaloka matsa le ditshephe le diphoofolo tse ding tse phelang morung ona. Ba bolaya diphoofolo tsena le ho besa mollo bakeng sa dijo tsa bona tsa motshehare. Nama e setseng ba ya lapeng ka yona bakeng sa malapa a bona.
Ha badisana bana ba ya lapeng, ba feta sebakeng seo ho lenngweng difate ho sona haufi le motsana wa bona. Difate tse hlaha tse neng di potolohile matlo a bona di ile tsa rengwa kgale ho haha matlo a bona kapa bakeng sa patsi y a ho pheha dijo tsa bona. Hona jwale ho na le sebaka seo ho lengwang difate ho sona haufi le motsana ona, sebaka seo batsamaisi ba mmuso ba lefapha la meru ba kgothalletsang batho ho lema difate hape e le hore ba ka sebedisa difate tsena ho e na le ho rema meru ya tlhaho bakeng sa ditlhoko tsa bona.
DITATAISO
Dikilomithara tse mashome a mabedi ho nyolosa le mmila, mmuso o entse sebaka sa poloko ya dintho tsa tlhaho (nature reserve). Dilemo tse mmalwa tse fetileng ba ile ba fihla mona le ho emisa terata ho potoloha sebaka sena le ho hloma ditente tse ntle le ho haha letangwana la ho sesetsa. Ba ile ba reka dithuhlo tse mmalwa le diqhwaha le dipudumo ho etsa hore sebaka sena e be se hapang mahlo a bahahlaudi. Bahlankana ba bang motsaneng ona ba kwetlisitswe jwaloka bahlokomedi le basireletsi ba diphoofolo tsena ho di sireletsa bahlankaneng ba kgukgunelang tlasa terata mme ba beha maraba a ho tshwara diphoofolo tsena. Basadi ba mmalwa ba fumane mosebetsi wa ho fepa kapa ho hlwekisa matlo a bahahlaudi.
O tla fumana dibaka tsa mofuta ona ho haola le naha ya Afrika Borwa, dibaka tseo, ka ditsela tse itseng, baahi ba moo ba itshetlehileng ka mobu, dinoka, matamo, lewatle—le dintho tse hlaha tse phelang moo le tse holang moo—e le hore ba fepe malapa a bona le ho phela. Dibakeng tse ngata, haholo-holo moo ho nang le leqeme la mesebetsi, ho rema le ho sebedisa mehlodi ya tlhaho ho bohlokwa haholo bakeng sa bophelo ba baahi ba dibaka tsena tseo ho leng thata ho fihlella difeme tse hlophisitsweng tsa moruo. Ho batho bana tlhaho e bohlokwa ho feta merafo, kapa difektheri kapa mapolase a maholo a temo mabapi le ho lwantsha bofuma.
Ka dinako tse ding baahi ba sireletsa dintho tse holang sebakeng sa bona e le hore bana ba bona ba ka di sebedisa nakong e tlang. Empa ka lebaka la kgatello e tswelang pele ya bofuma batho ba qobelleha ho rema le ho sebedisa haholo ka ho fetisisa mehlodi ya bona ya tlhaho, mme sena se etsa hore mefuta ya dimela, dihlapi, difate, diphoofolo le dintho tse ding tse phelang di fokotseha haholo kapa esita le ho nyamela ka ho feletseng.
Mekgatlo ya mmuso, di-NGO le mafapha a praevete a qadile diprojeke—jwaloka ho lema difate, dibaka tsa ho sireletsa diphoofolo tse tlhaha, mananeo a ka "tshehetswang" a ho tshwasa dihlapi le a mang a mangata—ho leka ho sireletsa mefuta ya dintho tsena ha ka nako e tshwanang ho hlokomelwa hore batho bana ba tshwanetse ho kgona ho di sebedisa.
Mona ke hona moo ditataiso tsena di sebetsang teng ...
DITATAISO
Pale ena eo o sa tswa e bala e bontsha kamoo mehlodi ya tlhaho e leng bohlokwa ka teng ho batho ba leng Afrika Borwa, e seng feela jwaloka tsela ya ho iphedisa, empa jwaloka motheo wa bophelo ba rona ba setso le ba moya, ena ke mehlodi eo baholo-holo ba rona ba e fetiseditseng ho rona mme le rona, ka ho tshwanang, re tshwanetse ho kgona ho e fetisetsa baneng ba rona.
Maqepheng a latelang a bukana ena o tla fumana lesedi la bohlokwa mabapi le kamoo metse, mmuso, mekgatlo ya ntshetsopele, batshehetsi ba fanang ka tjhelete le ba bang ba ka sebetsang ba tshwarane ka matsoho ho tiisa hore lefa la rona la tlhaho le bolokelwa meloko ya ka moso.
Hape o ka bala kamoo metse e ka fihlellang mehlodi ena ya tlhaho eo e itshetlehileng ka yona, ntle ho ho sebedisa mehlodi ena ho fihlela e fela. Kamoo ba ka sebedisang mehlodi ena ka bohlale mererong ya moruo, setso, bomoya le boikgathollo—ho fokotsa bofuma le ho bopa bophelo bo molemo. Sena ke sona seo CBNRM e leng ka sona.
DITATAISO
Mabapi le ditataiso tsena 5
Mabapi le ditataiso tsena
Lenaneo lena la Community Based Natural Resource Management (CBNRM) le se le etsahala mona Afrika Borwa. Mekgatlo ya leha, mafapha a lehae, a diprofensi le a mmuso a naha, mekgatlo eo e seng ya mmuso (NGO) le makgotla a mang a amehang ntshetsopeleng, batshehetsi ba fanang ka tjhelete le mafapha a praevete ba a ameha, ka ditsela tse itseng, ho kenya tshebetsong mananeo ana a CBNRM. Empa ha se motho e mong le e mong ya elellwang hore o etsa CBNRM, mme ha se motho e mong le e mong ya utlwisisang hore na karolo ya hae ke efeng ho CBNRM.
Ke ka lebaka lena ho entsweng ditataiso tsena. E le hore basebetsi-mmoho mananeong ana a CBNRM ba arolelana kutlwisiso e tshwanang mabapi le hore na lenaneo la CBNRM le bolela eng, hore na ditlhokahalo tsa tsebo le tsamaiso ke dife, le hore na dikarolo tse sa tshwaneng le boikarabelo ka bofeng. Ho tshepjwa hore ka utlwisiso ena e arolelanwang, mathata mabapi le CBNRM a tla lokiswa, le ho fihlella katleho e kgolo.
Dipheo tsa ditataiso tsena
Ditataiso tsena di entswe ka sepheo sena:
Ho neha batho bohle ba amehang kutlwisiso e arolelanwang mabapi le CBNRM:
Diphephetso tse kgolo tsa CBNRM
Mabaka a maholo a lokelang ho hlokomelwa ha ho kengwa tshebetsong
Dikarolo le boikarabelo ba banka-karolo bohle ba CBNRM.
DITATAISO
Ho ntlafatsa tshebedisano pakeng tsa batho bohle ba amehang:
Metse e leng sebakeng seo le mekgatlo ya bona le makgotla
Mmuso wa lehae, wa setereke, wa profensi le wa naha
Bahlophisi
Batshehetsi ba fanang ka tjhelete
Lefapha la praevete.
Ho thusa batho ho utlwisisa dikarolo le boikarabelo ba e mong le e mong ya amehang
Dintho tseo ditataiso tsena di reretsweng ho di fihlella
Ka lebaka la ho utlwisisa dikarolo le ditsamaiso tsa batho ba sebetsanang hammoho, metse le batho ba bang ba amehang diprojekeng tsa CBNRM ba tla nolofallwa hore:
Kenya tshebetsong diprojeke tsena tsa CBNRM
Ho beha leihlo le ho hlahloba diprojeke tsa CBNRM mehatong yohle ya tsona ka sepheo sa ho lokisa le ho ithuta diphosong
Ho beha leihlo le ho hlahloba mosebetsi wa motho e mong le e mong ya amehang
Ho sebedisana e mong le e mong le ho sebetsa hammoho ka katleho
Ho latela 'molao wa boitshwaro' o behilweng
Ho eketseha menyetla ya ho atleha ha diprojeke tsa CBNRM.
DITATAISO
Mabapi le ditataiso tsena 7
Ditataiso tsena di etseditswe bo-mang?
Ditataiso tsena di entswe ka sepheo sa ho fana ka tataiso le tshehetso ho e mong le e mong ya amehang mananeong a CBNRM, ho kenyelletswa:
Metse
Batsamaisi ba mmuso wa lehae, wa setereke, wa profensi le wa naha mafapheng ana:
Temo
Tlhokomelo ya Lefa la Setso
Ntshetsopele ya Moruo
Thuto
Meru
Bophelo bo botle
Merafo
Poloko ya tlhaho
Bohahlaudi
Tlhokomelo ya metsi.
Batshehetsi ba fanang ka tjhelete
Lefapha la praevete.
Ditataiso tsena di tla thusa e mong le e mong ya amehang mananeong a CBNRM, empa ka ho kgethehileng batho ba sebetsang le batho—metse, bahlophisi, ditsebi (practitioners), le baetsi ba dipholisi.
DITATAISO
Tsela ya ho sebedisa ditataiso tsena
O ka sebedisa ditataiso tsena mohatong o mong le e omong wa lenaneo la CBNRM. Di tla thusa ka ho kgethehileng mehatong e qalang ya ho rera, empa hape di tla thusa nakong ya ho beha lenane la hao leihlo le ho le hlahloba. Ditataiso tsena di tla o thusa ho lemoha mathata ha a hlaha, le ho nahana ditsela tsa ho lokisa mathata ana.
Bakeng sa tataiso e nngwe le e nngwe e leng bukeng ena, o ipotse: "Na re akarelleditse sena lenaneong la rona?" Haeba karabo potsong eo e le "TjHE", ipotseng haeba ho hlokahala hore le akarelletse seo lenaneong la lona, le hore le ka etsa seo hamolemo jwang.
Ho na le dikarolo tse supileng ditataisong tsena:
KAROLO 1 e mabapi le ho utlwisisa CBNRM—Hore na ke eng, ke bo-mang ba amehang, ke eng seo e mong le e mong a lokelang ho se etsa, le hore ke melemo efeng e tla unwa. Sepheo sa karolo ena ke ho neha e mong le e mong kutlwisiso e arolelanwang mabapi le CBNRM.
KAROLO 2 e fana ka Melao e supileng ya sehlooho bakeng sa katleho ya CBNRM. Melao ena ke ditene tsa bohlokwa tse hahang katleho ya lenaneo la CBNRM. Molao ka mong o na le sehlopha sa ditataiso. Motho e mong le e mong ya amehang lenaneong lena o tshwanetse ho utlwisisa melao ena.
KAROLO 3 e fana ka diphephetso tse kgolo tse shebaneng le mananeo a CBNRM.
KAROLO 4 e fana ka Ditataiso tse leshome bakeng sa e mong le e mong. Motho e mong le e mong ya amehang mananeong a CBNRM o tla thuswa haholo ke ditataiso tsena.
KAROLO 5 e fana ka Ditataiso tse Leshome le Motso o le mong bakeng sa Metse. Ditataiso tsena di reretswe ditho tsa motse o amehang lenaneong la CBNRM. Empa di tla thusa motho e mong le e mong ka ho tshwanang.
KAROLO 7 e fana ka Ditataiso tse Leshome le Metso e Meraro tse Sebetsang bakeng sa Baetsi ba Dipholisi.
DITATAISO
Mabapi le ditataiso tsena 9
Katamelo 'botsamaisi bo fetolwang'
Ditataiso tsena di buella ho sebedisa katamelo ya 'botsamaisi bo fetolwang'. Sena se bolela ho beha dipheo le dipakane tse hlakileng ha le rera diprojeke. Mme ka hloko le behe diprojeke tsena leihlo le ho di hlahloba mohatong o mong le o mong wa projeke, ho hlahloba ho bona hore na ebe le fihlella dipakane le dipheo tsa lona. Haeba le sa di fihlelle, le etsa diphetoho mona le mane le ho etsa ditokiso morerong wa lona ho tiisa hore ha le salle morao. Le ithuta le ntse le tswela pele, le etsa dintlafatso nako le nako ha le bona hore di a hlokahala.
Mohatong o qalang wa lenaneo lena le beha dipakane tse hlakileng tsa projeke ya lona—seo le batlang ho se fihlella. Le tshwanetse ho araba potso ena:
Na lenaneo la rona le akarelletsa ntho e nngwe le e nngwe e hlokahalang hore projeke ena e atlehe?"
Mohatong wa ho kenya projeke tshebetsong, ka hloko le beha leihlo tswelopele eo le e etsang. Haeba le bona hore ho na le dikgeo tse bulehileng projekeng, kapa ho na le dintho tseo le ka di etsang hamolemo, le tshwanetse ho araba potso ena:
Re ka fetola jwang projeke ya rona e le hore re tiise hore re fihlella dipakane tsa rona?"
Mme haeba ho na le bothata projekeng ena, le ka ipotsa:
Re ka etsa eng ho lokisa bothata bona?"
Ka tsela ena, le fetola projeke ya lona ha le ntse le tswela pele, le ho tiisa hore e sebetsa ho ya kamoo le neng le rerile ka teng.
DITATAISO
DITATAISO
KAROLO 1
CBNRM e mabapi le batho ba motse o itseng ba sebetse hammoho ho sireletsa mobu, metsi, diphoofolo le dimela, e le hore ba ka sebedisa mehlodi ena ho ntlafatsa bophelo ba bona le bophelo ba bana ba bona le ba ditloholo tsa bona. Ke kofuto e nolofalletsang setho se ratang motseng hore se be le seabo mabapi le ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba baho—moruong, setsong le moyeng.
CBNRM ke tsela eo ka yona metse e ka sebetsang hammoho ho sireletsa mehlodi ya tlhaho mme ka nako e tshwanang ho hlahiswa melemo e dulang nako e telele bakeng sa metse eo. CBNRM e atlehileng e ka hlahisa melemo e mengata e sa tshwaneng. Ka mohlala, e ka:
Bulela batho monyetla wa ho fihlella mehlodi ya bohlokwa
Ntlafatsa temo le phepelo ya dijo
Haha dikgwebo tse nyenyane
Fana ka menyetla ya thuto le kwetliso
Haha mokgatlo wa motse
Ntlafatsa bophelo ba motse
Boloka le ho matlafatsa dintho tsa bohlokwa tsa setso le bomoya difate, mobu, metsi, dimela le diphoofolo—
e le hore ba una melemo dinthong tsena ka tsela e tlang ho tiisa hore bana ba bona ba tla kgona ho thabela le ho sebedisa mehlodi ena nakong e tlang.
DITATAISO
E Thehilwe Metseng: Batho ba sebaka seo (ba motse) ba bokana hammoho le ho etsa qeto hore na ke jwang ba ka sireletsang le ho sebedisa hamolemo mehlodi ya tlhaho tse leng mobung wa motse wa bona. Ditho tse ngata tsa motse di ka ba le seabo le ho arolelana ditholwana tse kgolwang. Ka ho sebedisa boiphihlelo ba sebakeng sa bona, batho bana ba qala diprojeke tsa ho hlokomela mobu, metsi, dimela le diphoofolo. Hammoho, ba etsa qeto mabapi le hore na ke jwang ba ka sebedisang dintho tsena ho untsha motse molemo, hona jwale le nakong e tlang. Ntho ya bohlokwa mabapi le CBNRM ke hore e nolofalletsa ditho tsa motse ho ba le seabo ho etseng diqeto tsa bohlokwa. Hape e bontsha kamoo ho ka sebediswang diqeto tsena le diprojeke le ho kopa ditshebeletso tsa ditsebi le ho kopa ditharollo moo ba di hlokang.
Mehlodi ya Tlhaho: Mehlodi ya tlhaho ke naha, mobu, metsi, moya, dimela le diphoofolo. Dintho tsena ke letlotlo la tlhaho la motse oo. Bophelo ba motse oo bo itshetlehile ka ho sireletsa mehlodi ena ya tlhaho le ho e sebedisa ka bohlale. Haeba mehlodi ena ya tlhaho e sa sireletswe le ho sebediswa ka bohlale, ho ke ke ha ba le letho le setseng bakeng sa meloko ya ka moso.
Botsamaisi: Batho ba motse oo ba sebedisa mokgatlo o thehilweng motseng community based organisation CBO kapa ba bopa mokgatlo o motjha ho etsa maano a ho sireletsa mehlodi ya bona ya tlhaho le ho e sebedisa ka bohlale. Mokgatlo ona o sebetsa ka tsela eo o tlang ho tshepjwa ke baahi ba motse—menyako ya wona e bulehetse motho e mong le e mong ya ratang ho ba le seabo. Baahi ba motse ba tadima mokgatlo oo e le lekgotla le tshwanelehang le le emelang dithahasello tsa bona mme ba ka rata ho sebetsa le lekgotla lena.
Ka mokgatlo ona wa bona, baahi ba motse ba dumellana ka dipakane le melao e tshwanang mme motho e mong le e mong o latela dipakane le melao ena. Haeba ho hlokahala, ba kopa thuso le tshehetso e tswang ka ntle, ho tswa mmusong, mekgatlong ya ntshetsopele e jwaloka di-NGO le batshehetsi ba fanang ka tjhelete. Haeba ho hlaha mathata projekeng, ba ithuta diphosong tsa bona le ho etsa dintlafatso tse hlokahalang ho tiisa hore projeke ena e ya atleha. Ba bopa maqhama a ditshebedisano le metse e meng, mafapha a mmuso le dikhamphani tsa praevete le batho ka bomong. Ba ntlafatsa tsebo ya boiphihlelo le tsebo ya bona mabpi le ho hlokomela le ho ntshetsa pele mehlodi ya bona le metse ya bona.
DITATAISO
Diprojeke tse nehang metse ya mahae ditsela tse sa tshwaneng tsa ho iphedisa, ka mohlala: diprojeke tsa ho sebedisa mekgwa e melemo ya temo, kapa diprojeke tsa ho haha dikgwebo tse nyenyane e le hore ba se ke ba itshetleha feela ka temo kapa meru kapa ho tshwasa dihlapi.
Diprojeke tse thusa mesebetsi hore e sebedise ka bohlale mehlodi ya tsona ya tlhaho, jwaloka ho beha ditekanyetso tshebedisong mehlodi ya tlhaho e fokolang haholo e jwaloka dihlapi kapa ditholwana, e le hore mehlodi ena e se ke ya sebedisa haholo ho tlola tekanyo.
Diprojeke tse thusa metse hore e une melemo mehloding ya yona ya tlhaho ntle ho hore e qete mehlodi ena, jwaloka ho ntshetsa pele diprojeke tsa bohahlaudi (bahahlaudi ba lefa tjhelete ho etela meru ya sebaka seo, ka mohlala, ho ke ke h a hlokahala hore difate di rengwe e le hore batho ba iphedise).
Diprojeke tse etsang hore baahi ba motse ba amehe tabeng ya ho ba basebetsi-mmoho le Parks Boards kapa mekgatlo e meng e amehang tshireletsong ya mehlodi ena, moo baahi ba motse ba nang le phihlello ya mobu le ditokelo tsa ho sebedisa mobu, mme ba una melemo ka ho sebedisana le mekgatlo ena. Mohlala o mong wa mofuta ona wa projeke ke tumellano eo Baahi ba Motse wa Makuleke ba e entseng le Kruger National Park.
Diprojeke tse nehang baahi ba metse tsebo ya ho hlokomela mehlodi ya yona hamolemo.
Diprojeke tse fanang ka phihlello ya moby le mehlodi eo baahi ba metse ba ka e sebedisang mererong ya setso, bomoya le boikgathollo, hammoho le ho iphedisa.
DITATAISO
Ho ntlafatsa bophelo le boleng ba bophelo ba baahi ba motse, le ho thusa ho fokotsa bofuma ba metseng ya mahaeng.
Ho sebedisa ka bohlale le ho sireletsa mehlodi ya tlhaho dintho tse ding tse phelang sebakeng seo.
Ho matlafatsa metse ya mahaeng hore e kgone ho iketsetsa diqeto tsa tsona mabapi le tshebediso e bohlale ya mehlodi ya tsona ya tlhaho.
Ke bo-mang ba amehang mananeong a CBNRM?
Mananeo a mangata a CBNRM a kenyelletsa mekgatlo e sa tshwaneng le batho ba sebetsang hammoho. Bana ke bona banka-karolo—batho ba nang le boikarabelo lenaneong. Ba kenyelletsa:
Baahi ba metse— Bana ke banka-karolo ba bohlokwa haholo. Ka ho tlwaelehileng metse e emelwa ke mokgatlo o ntseng o le teng—ka mohlala, Community-Based Organisation (CBO) jwaloka Development Trust kapa lekgotla la tshebediso ya mehlodi ena. Ka dinako tse ding baahi ba metse ba iketsetsa mokgatlo o motjha o tlang ho hlokomela lenaneo la bona la CBNRM.
Bahlophisi— Bahlophisi ke batho ba thusang baahi ba metsi ho theha le ho hlokomela projeke mme ba sebetsa haufi-ufi le metse ena ho fihlela motse o sa hlole o hloka thuso ya bahlophisi bana. Hangata bahlophisi ba jwalo ke di-NGO, baeletsi (batho ba nang le boiphihlelo kapa tsebo e kgethehileng), kapa batsamaisi ba mmuso bao mosebetsi wa bona e leng 'bohlophisi ba baahi ba metse', 'ntshetsopele ya metse' kapa 'ditshebeletso tsa setjhaba'. Ka dinako tse ding mafapha a yunivesithi kapa diinstitjhuti tsa diphuputso di ka fetoha bahlophisi.
DITATAISO
Basebetsi-mmoho Lefapheng la Praevete— tsena ke dikgwebo tsa praevete. Ka mohlala, ka ho tlwaelehileng dikgwebo tsena di kenyelletsa lenaneo la bohahlaudi kapa dipolante tsa meriana. Batho ba dikgwebo tsena ba ba abelana ka tsebo ya kgwebo le mesebetsi, le mehlodi ya tjhelete.
Ba boholong Mmasepaleng wa Lehae le wa Setereke — Ana ke makgotla a mmuso e sebetsang mahetla a bapile le baahi ba metse mme ka ho tlwaelehileng bana ba makgotla ana ba ikarabella ka ho phethahatsa dipholisi tsa mmuso mabapi le mehlodi ya tlhaho, mabapi le ntshetsopele ya moruo sebakeng seo le ho fokotsa leqeme la bofuma dibakeng tsa mahaeng.
Mafapha a Mmuso a Naha le a Diprofensi — Hangata batho ba metse ba atamela mafapha naha kapa a profensi a mmuso ho thusa metse ho qala lenaneo la CBNRM. Ka dinako tse ding mafapha ana a ya ka kotloloho metseng ya mahaeng le ho thusa ka ho theha lenaneo la CBNRM. Hape ba beha ditaelo le melao bakeng sa tlhokomela e ka tshehetswang ka h o tswelang pele ya mehlodi ya tlhaho.
Mekgatlo e Tshehetsang ka Tjhelete— Hangata ena ke mekgatlo ya matjhaba e batlang ho thusa metse ya mahaeng ho hlokomela mehlodi ya yona ya tlhaho le ho hodisa menyetla ya mesebetsi.
DITATAISO
Bosebedisani-mmoho bo bolelang?
Boholo ba diprojeke tsa CBNRM bo kenyelletsa basebetsi-mmoho. Bosebedisani-mmoho ke tumellano pakeng tsa mekgatlo e fapaneng le batho projekeng. Basebetsi-mmoho bana ba na le dipakane tse tshwanang. Ho dumellanwa ka boikarabelo le mesebetsi ya basebetsi-mmoho ka bomong pele projeke e qala. Basebetsi-mmoho ba dumela ho latela melao e tshwanang mme haeba ho hlaha mathata projekeng, basebetsi-mmoho ba rarolla mathata ana hammoho e le hore projeke ena e ka tswela pele ka katleho.
Metse ya boahisani e kopanelang mehlodi e tshwanang ya tlhaho—meru, metsi, makgulo, jwang bo sebedisetswang ho loha, jl.
Baahi ba metse le lefapha la dikgwebo tsa praevete— ka ho kgethehileng mabapi le ho theha dikgwebo tsa bohahlahudi
Baahi ba metse, mekgatlo ya ntshetsopele e jwaloka di-NGO, le mafapha a mmuso— ka ho tlwaelehileng di- NGO ke batho ba sebetsang ka kotloloho le baahi ba metse lebitsong la mafapha a mmuso le batshehetsi ba fanang ka tjhelete.
Baahi ba metse, lefapha la dikgwebo tsa praevete le mafapha a mmuso— moo baahi ba metse ba nang le tokelo ya ho sebedisa mehlodi ya tlhaho, mehlodi ya tlhaho ke ya mmuso mme bobedi mmuso le dikgwebo tsa praevete ba etsa tumellano ya ho sebetsa hammoho molemong wa baahi ba metse le mehlodi ya tlhaho.
DITATAISO
Ho hlokomela mehlodi ya tlhaho ke karolo ya pele ya bohlokwa ya CBNRM—ka hobane ntle ho mehlodi ena ya tlhaho, batho ba ke ke ba phela. Empa ena ke karolo e le nngwe feela e etswang ke CBNRM. CBNRM e boetse e fana ka menyetla e meng e mengata bakeng sa baahi ba metse. E meng ya yona ke ena:
Diprojeke tsa Tshireletso ya Mehlodi ena— Metse e ka hirisa karolo e itseng ya mobu wa yona bakeng sa dibaka tse haufi le yona tse sireleditsweng—dibaka tse hlokometseng diphoofolo tse tlhaha. Motso oo o tla leshwa meputso bakeng sa etsa jwalo. Hape ho tla etswa mesebetsi e metjha bakeng sa batho ho thusa ka ho hlokomela sebaka se jwalo se sireleditswe (bahlokomedi ba diphoofolo tsena, babontshi ba bahahlaudi sebaka seo, jl.).
Metse e meng e bile e hatetse pele haholo ka ho theha dibaka tsa tsona tsa tshireletso ya diphoofolo tse tlhaha le bohahlaudi mobung wa metse ya tsona.
Diprojeke tsa Meru— Participatory Forest Management (PFM) ke tsela ya ho sireletsa meru e nehang baahi ba motse taolo ya kamoo ba ka sebedisang meru ena. Baahi ba motse ba ka romela dikopo tsa ho dumellwa ho kga mehlodi e meng (meriana, ditlama, makgapetla, dipalo, jl.) ho tswa merung.
Diprojeke tsa Temo—Dihlopha tsa batho di ka theha makgotla. Makgotleng ana, ditho di sebetsa hammoho ho lema le ho rekisa dihlahiswa tsa temo kapa diruuwa mobung wa praevete kapa wa motse. Thuso ya mmuso e ya fumaneha—ka mohlala, ho ka fanwa ka kwetliso bakeng sa dintho tse jwaloka ho sireletswa ha kgoholeho ya mobu, ho ntlafatsa makgulo le ho ntlafatsa diruuwa.
Metse e kgutliseditsweng mobu wa yona ka ditleleimi tsa mobu hangata di hloka thuso ya ho sebedisa mobu ka bohlale le ka mokgwa o hlahisang ditholwana tse ntle. CBNRM e ka thusa haholo tshimolohong, ka ho fana ka kwetliso mabapi le mekgwa e molemo haholo ya temo le ka ditsela tse ding tsa ho sebedisa mobu le mehlodi e meng. Hape e ka thusa batho ho fumana tsebo kamoo ba ka fihlella dimmaraka bakeng sa dihlahiswa tsa bona le ditshebeletso.
DITATAISO
Diprojeke tsa Bohahlaudi— Baahi ba metse ba ka etsa ditumellano le bahwebi kapa bosebedisani le batsamaisi ba bohahlaudi. Metse e ka hirisetsa khamphani ya praevete karolo e itseng ya mobu. Khamphani e ikarabella ka tumellano ya kgwebo, mme motse o ikarabella ka tlhokomelo ya mehlodi ya tlhaho le tlhokomelo ya mobu. Ho na le tjhelete e lefuwang le mesebetsi bakeng sa metse.
Ho Theha Dikgwebo tse Nyenyane— CBNRM e ka thusa ho qadisa dikgwebo tse nyenyane le ho fana ka ditsela tsae ntjha tsa ho fumana tjhelete, ho ya ka botsamaisi bo nang le kelo-hloko ya mehlodi ya tlhaho.
Ho Theha Mekgatlo ya Metse— Baahi ba metse ba ka fumana boiphihlelo le tsebo ya ho theha le ho tsamaisa mekgatlo ya bona mabapi le ho rera le ho hlokomela diprojeke. Ka mekgatlo ena ba ka tiisa hore ba na le taolo mabapi le ntshetsopele ya metse ya bona.
Ho Ntlafatsa Bophelo— Mananeo a CBNRM a ka phethahatsa karolo ya bohlokwa mabapi le ho ntlafatsa bophelo ba motse ka kakaretso. Mekgwa e molemo ya temo le tlhokomelo ya bophelo bo hlaha le ho tshwaso ya dihlapi e ka hlahisa dijo tse molemo haholo bophelong. Dikgwebo tse nyenyane tse tsamaiswang haholo di ka eketsa meputso e amohelwang ke malapa le ho a thusa ho sebetsana le ditjeo tse phahameng haholo tsa malwetse a jwaloka HIV/AIDS. Botsamaisi bo nepahetseng ba meru bo ka thusa ho fana ka dimela tseo ho ka etswang meriana ka tsona ho imolla batho kgatellong e tliswang ke malwetse, mahong a ho etsa makese le dipatsi e sebediswang mapatong ka lebaka la ho eketseha ha mafu ka lebaka la AIDS. Mekgatlo e thehilweng ka sepheo sa ho hlokomela mananeo a CBNRM e ka thusa mabapi le ho fumana thuso mmusong le ho basebetsi-mmoho ba bang. CBNRM e ke ke ya fodisa batho ba kulang, empa e ka ntlafatsa boleng ba bophelo ba baahi ba motse le ho thusa batho moo ho sebetsana le ditlamorao tsa ho kula.
DITATAISO
Ho Fana ka Menyetla ya Thuto le Kwetliso — Hangata batho ba baholo ba amehang mananeong a CBNRM ba lokela ho kwetliswa mabapi le ho rutwa ho bala, ho ngola le ditsebo tse ding tse ngata. Dikolong, CBNRM e ka kenyelletswa dithutong tsa tsebo ya bophelo, dithutso tsa mmetshe, baoloji le saense. Baithuti ba dikolo ba kenya letsoho mananeong a CBNRM ka ho bokella lesedi le ka ho thusa ho beha leihlo diprojeke ho bona haeba di fihlella dipakane tsa tsona. Dikolo tsa mahaeng le matitjhere ba fetoha basebetsi-mmoho ba molemo ba CBNRM—ba fana ka dikamore tsa ho tshwarela diboka le dithupello, difounu le difekse, le ho tlatsetsa ka ho bala, ho ngola le tsebo ya ho hlahloba dibuka tsa ditjhelete.
Ho Neha Basadi le Batho ba Fumanehileng Lentswe— Mantswe a basadi, batjha, batho ba dikobo-di-mahetleng ka ho tlwaelehileng ha a utlwuwe metseng. CBNRM e fana ka monyetla wa hore mantswe "a thotseng" a batho bana ba motse a utluwe. Ka hobane CBNRM e mema batho ba tswang maemong wohle a motse hore ba kenye letsoho. Le ka hobane ka mehla mananeo a CBNRM a etseditswe batho ba dikobo-di-mahetleng le ditho tsa baahi ba motse tse hlahelwang ke bomadimabe habonolo— batho bao ka nnete-nete ba hlokang thuso.
Ho sebetsa hammoho le mmuso wa lehae
Ho fokotsa bofuma
Ho ntshetsa dibaka tsena pele ka ho fana ka menyetla ya moruo e dulang nako e telele le bophelo bo nang le boleng
Ho sireletsa mehlodi ya tlhaho.
Tsena ke dipakane tse tshwanang le tsa CBNRM. Ka ho sebetsa haufi-ufi le Makgotla a Lehae le a Setereke, mananeo a CBNRM ke karolo ya IDP ya motse oo le ho thabela melemo ya tshehetso eo mmuso wa lehae, wa profensi le wa naha e fanang ka yona.
DITATAISO
CBNRM ha e etsahale feela Afrika Borwa. Le hoja ho na le mananeo a CBNRM a atlehang Afrika Borwa, jwaloka tumellano le motse wa Makuleke Kruger National Park, dinaheng tsa rona tsa boahisani, hammoho le dikarolong tse ding tsa lefatshe, metse e ntse e kopana e le hore e sebedisane mabapi le ho hlokomela ka bohlale mehlodi ya tsona ya tlhaho, molemong wa motho e mong le e mong. Pakane e tshwanang dibakeng tsohle ha se feela ho fokotsa bofumana—le hoja ho le bohlokwa haholo ho bo fokotsa. Diprojeke tsena lefatsheng ka bophara di amehile ka makgabane a bohlokwa a bomoya ba batho le ditso tsa bona le bophelo ba bona hore bo le le boleng. Batho ba lemoha hore CBNRM e ka sebetsa le ho fana ka melemo ya sebele.
Mmuso wa rona o saenne ditumellano tsa bohlokwa mabapi le h o sireletsa mehlodi ya tlhaho le ho fokotsa bofuma. O ka nna wa fumana Ditumellano tsen tsa Matjha, hammoho le Melao ya Afrika Borwa le Dipholisi tsa tshireletso ya mehlodi ya tlhaho le ho fokotswa ha bofuma phetolelong ya CD mabapi le ditataiso tsena kapa o ka di fumana Lefapheng la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi.
DITATAISO
Metheo e meholo e supileng 21
KAROLO 2
METHEO E MEHOLO E SUPILENG LE DITATAISO
Karolong ena, re sheba metheo e meholo e supileng ya bohlokwa ho etsa hore lenaneo la CBNRM le atlehe. Bakeng sa motheo ka mong ho na le sehlopha sa ditataiso tse thusang ho tiisa hore motheo ona o kenyelletswa lenaneong la lona:
Motheo 1 Ditsela tse sa tshwaneng tsa ho iphedisa di hlokometswe le ho sireletswa, ho fokotsa bomadimabe bo ka hlahang ka lebaka la dikoduwa tsa tlhaho le tsa moruo.
Motheo 2 Sebaka se nang le mehlodi ya tlhaho se hlokometswe le ho sireletswa le ho ntlafatswa e le hore mehlodi ya tlhaho e ka tswela pele tshehetsa bophelo bakeng sa batho hona jwale le nakong e tlang.
Motheo 3 Mekgatlo ya metse, ho kenyelletswa le mekgatlo ya mmuso wa lehae le mekgatlo ya motse, e sebetsa hantle ho hlokomela mehlodi ya sebakeng ho untsha batho ba motse melemo le bakeng sa tikoloho.
Motheo 4 Batho ba una melemo ya sebele—ya moruo, ya setjhaba, ya setso le ya moya—e hlahiswang ke ho hlokomela mehlodi ya tlhaho ka bohlale.
Motheo 5 Ho na le dipholisi le melao e sebetsang mme, neng le neng ha ho kgoneha, melao ena e sebediswa ke baemedi ba tshwanelehang ba batho ba motse le mekgatlo e emetseng batho.
Motheo 6 Thuso e tswang ka ntle e fanwa ho thusa diprojeke tsa metse. Tsebo le boiphihlelo ba batho ba metse di a hlomphuwa.
Motheo 7 Ho na le kutlwisiso e ntle haholo ya boetapele ba motse mme boetapele ba motse bo tshehetsa ka ho feletseng diprojeke tsa CBNRM.
DITATAISO
Ditsela tse sa tshwaneng tsa ho iphedisa di hlokometswe le ho sireletswa ho fokotsa bomadimabe bo ka hlahang ka lebaka la dikoduwa tsa tlhaho le tsa moruo
Dumella sebaka sa ditsela tse sa tshwaneng tsa ho iphedisa. Malapa a mangata a metseng ya mahaeng a sebedisa mokgwa o fetang o le mong wa ho iphedisa. Sena se ba sireletsa bomadimabeng bo ka hlahang—haeba ba lahlehelwa ke mohlodi o mong wa tjhelete, ba ka tswela ba itshetlehile ka mehlodi e meng. Batho ha ba tshwanela ho itshetleha feela ka mefuta ya mananeo a CBNRM
Le hopole hore ha se motho e mong le e mong ya leng motlotlo ka mehlodi ya tlhaho ka tsela e tshwanang. Ho batho ba bang, mehlodi ya tlhaho e bolela tjhelete. Batho ba bang ba motlotlo haholo ka mehlodi ya tlhaho ka mabaka a setso le histori. Ha se motho e mong le e mong ya nang le maikutlo a tshwanang le a basireletsi ba mehlodi ya tlhaho. Batho ba fapaneng ba na le dintho tse fapaneng tseo ba di tadimang di le bohlokwa.
Kgothalletsa batho ba nang le ditsebo tse fapaneng hore ba kenye letsoho. Sebedisa mefuta e sa tshwaneng ya tsebo le bokgoni kamoo ho kgonehang. Mekgatlo ya metse e amehang mananeong a CBNRM e tshwanetse ho emela dihlopha tsohle tsa baahi ba motse. Hangata basadi ke bona
DITATAISO
Batho ba tswela pele ho iphedisa ka ditsela tse sa tshwaneng.
Ka mohlala, ba lema dijo, ba rua diphoofolo, ba rekisa mahe, mesebetsi ya bonono ya matsoho, ba rekisa matsoho a bona, ba bokella dimela tsa meriana, ba hela jwang ba ho rulela matlo a jwang le dijo tsa lewatleng, le ho fana ka ditshebeletso bakeng sa bahahlaudi.
Metheo e meholo e supileng 23
ba sebedisang mehlodi ena ya tlhaho, mme ba na le tsebo le bokgoni bo bongata boo ba ka fanang ka bona. Etsang bonnete ba hore le bula sebaka bakeng sa ditlatsetso tsena tsa batho bana le tsebo ya bona ya ho etsa dintho.
Tsebo ya moetlo le ditso tse sa tshwaneng e bohlokwa. Metse ya rona e na le batho ba nang le ditso tse sa tshwaneng, le ditsela tse sa tshwaneng tsa ho etsa dintho. Setso se seng le se seng se na le tsebo ya bohlokwa haholo le bokgoni boo e ka tlatsetsang ka bona. Diphapang tsena ke matla, e seng bofokodi—di ka tlatsetsa haholo katlehong ya projeke.
Le se ke la ...
Le se ke la qala diprojeke tse fokotsang ditsela tse ngata tse fumanehang bakeng sa batho tsa ho iphedisa.
Le se ke la hlokomoloha ho se tshwane ha ditso tsa batho ba motse oo. O na nahana hore seo se tla nolofatsa botsamaisi ba mehlodi eo, empa se ka tswala mathata a mangata.
DITATAISO
Mehlodi ya tlhaho e a hlokomelwa le ho sireletswa esita le ho ntlafatswa e le hore mehlodi ena ya tlhaho e ka nna ya tswela pele ho neha batho bohobe hona jwale, le nakong e tlang.
Tiisang hore mehlodi ya tlhaho e ka sebediswa ho fumana tjhelete kapa melemo e meng. Etsang bonnete ba hore batho utlwisisa melemo ya tjhelete ya mehlodi ena le melemo e meng e ka tliswang ke tshebediso e bohlale ya mehlodi ena.
Hlokomelang le ho sireletsa mehlodi ya tlhaho. Hang ha e fela
CBNRM e ke ke ya tswela pele e le teng. Behang melao e laolang hore na ke bo-mang ba ka kotulang mehlodi ena, le hore hokae le hore sena se ka etswa neng le hore na ke ditekanyo tse kae tsa mehlodi ena tse ka nkuwang (quotas). Ho be le dikotlo tse behilweng bakeng sa batho ba tlolang melao ena, le melao ya boitshwaro eo e mong le e mong a ka e bolokang le ho e tshehetsa.
Etsang leano le sebetsang la botsamaisi ya mehlodi ena. Etsang leano le hlakileng la ho sireletsa le ho sebedisa mehlodi ya tlhaho. E tshwanetse ho ba leano le sebetsang, e seng feela lethathamo la dintho tseo le di lakatsang. Sebedisang kutlwisiso le tsebo ya batho ba motse mabapi le mehlodi ena, hammoho le tsebo le boiphihlelo ba basebetsi-mmoho ba jwaloka di-NGO le batsamaisi ba mmuso.
DITATAISO
Botsamaisi le taolo e ntle di tla bolela hore ho tla ba le mehlodi ya tlhaho e eketsehileng le ya boleng bo botle. Ho tla ba le dihlapi tse eketsehileng tsa dimasele tse holang majweng, dibaka tse kgolo tse nang le jwang ba boleng bo botle, difate tse holang ho tswa dipeong tse jetsweng le difate tse nyenyane tsa difate tsa bohlokwa di a hola merung, mme ho tla ba le diphoofolo tse eketsehileng tse hlaha.
Metheo e meholo e supileng 25
Hlokomelang hore mehlodi ena e se sebediswe ka ho tlola. Ka dinako tsohle le behe leihlo le ntjhotjho le ho hlokomela hore mehlodi ena ya tlhaho e shebahala e le boemong bo botle le hore ha e sebediswe ho tloha. Sena se bitswa peho ya leihlo. Batho ba sebedisang mehlodi ena, hammoho le batho ba bang motseng ba tshwanetse ho kenyelletswa diqetong tsa kamoo peho leihlo ena e ka sebediswang, le ho beha dintho tsena leihlo. Le se lebelle hore batho ba latele melao haeba ba sa ka ba kenyelletswa ho etsweng ya yona! Leano la lenaneo la lona le tshwanetse ho kenyelletsa ho beha mehlodi ena ya tlhaho leihlo ho tiisa hore e sireleditswe ka nepo.
Latelang katamelo ya botsamaisi bo fetolwang. Behang dipakane, behang leihlo boemo ba mehlodi ena le ho etsa qeto mabapi le mehato eo le tla e nka mabapi le matshwao a lemosang ka mathata.
Tsetelang karolo e lekaneng ya tjhelete e leshwang ke diprojeke tsena tlhokomelong ya mehlodi ena le tlhokomelong ya motse wa mehlodi ena.
Kwetlisang batho bakeng sa tlhokomelo ya mehlodi ya tlhaho. Kwetlisang le ho thusa batho ba nepahetseng, le ba thusa hore ba nke boikarabelo ba ho laola tshebediso ya mehlodi ya tlhaho.
Le se ke la ...
Le se ke la nkella feela hore melemo e hlahiswang ke mehlodi ena ya tlhaho ho tla iketsahalla hore e etse hore batho ba motse ba jara boikarabelo ba ho sebedisa mehlodi ena ya bona ka bohlale—le tshwanetse ho sebetsa ho bona hore ho ba jwalo. Sena ke sona seo lenaneo la CBNRM le se bolelang!
Le se dumele hore lenaneo la CBNRM le bolela ho 'hata ka maro' mabapi le tshebediso ya molao. Melao e tshwanetse ho etswa le ho latelwa. Ho tshwanetse ho be le dikotlo bakeng sa batho ba tlolang melao ena.
Le se lete ho fihlela ntho e nngwe le e nngwe e phethahetse pele le lokisa ditaba—letsatsi leo ha ho mohla le fihlang! Ka dinako tsohle ho na le bomadimabe bo ka hlahang projekeng efe kapa efe —leka ho fokotsa bomadimabe ka ho rera lenaneo ka hloko le ka tlhokomelo e kgolo.
DITATAISO
Mekgatlo ya metse, ho kenyelletswa le mekgatlo ya mmuso le motse, ho sebetsa ka mekgwa e atlehang mehlodi ya sebakeng seo bakeng sa molemo wa batho ba motse le tikoloho
Ho theha mekgatlo ya metse. Lenaneo lena le tshwanetse ho hlokomelwa ke lekgotla la motse kapa mokgatlo wa motse, ba ikarabelle bakeng sa ho tsamaisa le etsa diqeto. Ho ka etsahala mokgatlo ona o entse o le teng kapa ho hlokahala hore o thewe mokgatlo o motjha haeba ho se na mokgatlo o tshwanelehang, o sebetsang o leng teng.
Etsang bonnete ba hore motho e mong le e mong o tseba seo a tshwanetseng ho se etsa mokgatlong, le hore boikarabelo ba bona ke bofeng. Le tshware diboka ka mehla ho tiisa hore motho e mong le e mong o tseba kamoo ba ka tlatsetsang lenaneong lena, mme ba etsa seo ba tshwanetseng ho se etsa. Ngolang molao wa motheo, o hlalosang ka ho batsi dikarolo le boikarabelo ba ditho tsa tsa mokgatlo.
Baemedi ba tshwanetse ho emela dihlopha tsa baahi ba motse. Baemedi ba tshwanetse ho botsa keletso le ho fana ka karabelo dihlopheng tseo ba di emelang. Nako di tshwanetse ho botswa dikeletso le ho fuwa dikarabelo. Ho emela sehlopha ho bolela hore o moo bakeng sa sehlopha, e seng bakeng sa hao.
Tiisa hore ho na le moetapele le hore sehlopha se se sebetsang mosebetsing o mong le o mong o moholo se na le moetapele kapa sebaka sa boikarabelo. Baetapele ba tshwanetse ho ba baetapele ba mmakgonthe—batho ba nang le sehlahlo, mafolo-folo, nako le bokgoni ba ho kganna lenaneo hore le tswele pele. Ho lemoha le ho tshehetsa baetapele ba batjha le ho hlokomela baetapele ba leng teng. Batho ba amohelang dikarolo tsa boetapele ba tshwanetse ho ba le nako ya ho phethahatsa mesebetsi ya bona ka nepo.
Ho tsepamisa dikelello le tlhokomelo metseng ya batho ba dikobo-di-mahetleng. Leka fihlella ditlhoko le tshireletseho ya batho ba dikobo-di-mahetleng— ke bona batho ba nang le ditlhoko tse kgolo ka ho fetisisa. Behang melao e hlakileng ho tiisa hore motho e mong le e mong o kgona ho ba le seabo. Tiisang hore mantswe a batho ba dikobo-di-mahetleng le ba se nang lentswe, ka ho kgethehileng basadi ba fumanehileng le batjha, a utluwa.
Ikemisetseng ho fana ka matla a mangata le taolo kamoo ho ka kgonehang bathong ba sebedisang mehlodi ena. Qetellong, hang feela ha basebedisi ba mehlodi ena ya tlhaho ba fuwe kwetliso le tsebo e hlokahalang, ba tshwanetse ho tsamaisa lenaneo lena, kamoo ba ka kgonang ka teng.
Behang maemo a hlakileng mabapi le ditokelo tsa mobu le mehlodi ya tlhaho. Leanong la lona la botsamaisi le molaong wa motheo wa lona, le tshwanetse ho bontsha ka ho hlaka hore batho ba tshwanetseng ho se etsa pele ba fumana ditokelo tsa ho sebedisa mobu le mehlodi ya tlhaho. Haeba ho hlokahala, fumanang thuso e tswang ka ntle ya tsebo ya mosebetsi le thuso ya molao ho etsa leano le molao motheo ona.
Nehang batho tshireletso ya nako e telele le ditokelo tsa ho sebedisa mehlodi ena le mobu. Le lakatsa hore batho ba sebedise nako le boikitlaetso mabapi le ho hlokomela mehlodi ena ya tlhaho. Ba ke ke ba etsa jwalo
DITATAISO
ntle le haeba ba tseba hore ho na le melemo ya nako e telele eo ba tla e una bona le malapa a bona.
Tiisang hore batho ba tseba hore na mmuso o etsang mananeong a CBNRM. Mmuso—wa lehae, wa setereke, wa profensi le wa naha—o na le dipholisi le mananeo a amang CBNRM. Batho ba tshwanetse ho tsebiswa ka mananeo ana a batsi le kamoo mananeo ana a amang lenaneo la lona la motse. Ba tshwanetse ho utlwisisa kamoo tlatsetso ya bona e kenellang lenaneong le batsi la CBNRM naheng, Afrika, le lefatsheng ka bophara.
Ho etsa qeto mabapi le baetapele ba setso ba phethahaetsa karolo efeng. Baahi ba motse ba tshwanetse ho etsa qeto hore na e be baetapele ba setso ba tla tla ba tla ba le boemedi mokgatlong wa CBNRM kapa tjhe.
Le tsebe ka ho hlakileng haholo ditokelo tsa motse le boikarabelo.
Le etse qeto, ka ntle ho leeme, ka tsela ya puso ya batho bohle le ka molao, hore na ke bo-mang ba nang le ditokelo bakeng sa mehlodi efeng le hore na e tla ba dibakeng difeng, le hore na ditokelo tseo le boikarabelo ke difeng.
Moo ho kgonehang, sebedisang tsebo ya motseng oo. Lekang ho utlwisisa diphapang tsa ditumelo le tsebo hara batho batho ba amehang. Tiisang hore le sebedisa tsebo ya moetlo wa motse oo e ka le thusang ho fihlella dipakane tsa lenaneo lena. Ho phaella mona, sebedisang tsebo le boiphihlelo ba mekgatlo e fanang ka tshehetso jwalo di-NGO le basebetsi-mmoho ba bang ba nang le ditsebo le boiphihlelo bo ka thusang.
Hlokomelang hore ho haha mekgatlo ke lenaneo le nkang nako e telele le le tsamayang butle. Ho haha mokgatlo o atlehileng ho ka nka dilemo tse ngata. Nakong eo mokgatlo o hloka tshehetso e tswelang pele. Hangata CBNRM e kenyelletsa diphetoho tse kgolo tsa dipolotiki le setso—sena se nka nako e telele.
DITATAISO
Metheo e meholo e supileng 29
Lekgotla la Lehae le tshwanetse ho etella pele mesebetsi ya CBNRM le ho theha sehlopha se sebetsang sa CBNRM ho sebetsa le mokgatlo wa motse mananeong a CBNRM. Mmuso wa lehae o na le tlatsetso ya bohlokwa haholo mabapi le ho etsa leano le ho theha diprojeke tsa CBNRM. Dikarolo tsohle tse sa tshwaneng tsa motse di tshwanetse ho emelwa sehlopheng se sebetsang—ka mohlala:
balefi ba rente, mekgatlo ya basebetsi, mekgatlo ya basadi, ya batjha, dihlopha tsa bodumedi, dikgwebo tse nyenyane, bareki ba mebileng, batei ba mesebetsi ya bonono, batho ba sa sebetseng.
Theha sehlopha sa naha se fanang ka tshehetso sa CBNRM. Sehlopha sena se tshwanetse ho ikarabella ka emela ditsamaiso tsa naha tsa CBNRM mabapi le ho sebetsana le melao le dipholisi tsa tikoloho, hammoho le tshehetso ya tsebo ho moifo wa profensi le o sebetsa le batho.
Ho kenyelletswa mananeo a kwetliso a CBNRM a ho kwetlisa baboholo ba mafapha a mmuso le a motse.
Sebedisang wa motse o fanang ka tlhokomelo o sebetsa hantle haholo mme o nka boikarabelo ba wona ka botebo. O sebetsa haufi haholo le baahi ba motse le basebetsi-mmoho ba tswang ka ntle ho tiisa hore lenaneo la CBNRM
le tlisetsa batho melemo le ho sireletsa mehlodi ya tlhaho.
Le se ke la ...
Le se ke la kgella fatshe tsebo ya botsamaisi ba moifo wa mekgatlo ya metse.
Le se ke la kgella fatshe bohlokwa ba boetapele ba motse le baemedi ba motse—lena ke lenaneo la motse, le etellwa pele ke batho ba motse.
Le se ke la kgella fatshe tlhoko e kgolo ya tshehetso e tswelang pele ha ho hodisa mekgatlo ena. Leeto le sa le lelelele ka sebele!
DITATAISO
Batho ba una melemo ya sebele—ya moruo, ya setjhaba, ya setso le ya moya—e hlahiswang ke ho hlokomela mehlodi ya tlhaho ka bohlale
Behang dipakane tse hlakileng, le tsa sebele. Kopa banka-karolo kaofela hore ba itihele ka setotswana le ho fana ka tlatsetso ya bona. Etsang bonnete ba hore e mong le e mong o tseba seo a lebeletsweng ho se etsa lenaneong lena. Ho etsa ditshepiso tse kgolo tseo ba ke keng ba kgona ho di phethahatsa ho tla qetella feela ka mathata hamorao. Ela hloko hore tlatsetso e tswang ka ntle e le nnotshi ha se tiisetso ya hore diprojeke tsa CBNRM di tla atleha kapa le ha e le ho fana ka tiiso ya ho tswela pele ha diphihlello tsa diprojeke tsena. Kopa hore boinehelo le tlatsetso ya metse, esita le haeba e le feela pontsho ya tshehetso ya maikutlo kapa mohopolo.
Bontsha melemo ya sebele ya lenaneo lena. Haeba o ikemiseditse ho etsa dikgwebo tse nyenyane tse thehilweng mehloding ya tlhaho, tiisa hore dikgwebo tsena di tla ba le menyetla e metle ya ho atleha. Haeba ho hlokahala, fumana thuso e tswang ka ntle ho etsa diphuputso tsa kgonahalo—sena se tla o bolella hore na ebe kgwebo e jwalo e tla atleha kapa tjhe.
Rera mefuta e sa tshwaneng ya melemo. Batho ba tla lebella ho kgola ditholwana tsa projeke ena kapele-pele, ka lebaka leo o tshwanetse ho leka ho tiisa hore ho tla ba le
DITATAISO
Batho ba tla putswa bakeng sa mosebetsi oo ba o etsang mabapi le ho hlokomela mehlodi ya bona ya tlhaho. Ba kgomarela ditekanyo tse behilweng tsa kotulo, ba fumana theko e ntle bakeng sa dihlahiswa tsa bona, le ho etsa tjhelete e eketsehileng ka lebaka la ho atolosetsa mosebetsi wa bona dibakeng tse ding.
Bahlokomedi ba motse thibela batho ba tswang ka ntle ho utswa dimela kapa diphoofolo.
Metheo e meholo e supileng 31
melemo e itseng ya nako e kgutshwanyane. Buisana le mekgatlo e fanang ka tshehetso ya tjhelete ho fana ka 'ditjhelete tsa ditjeo tsa qadiso' bakeng sa mehato e qalang ya projeke. Empa, e mong le e mong o tshwanetse ho tseba hore ho ka nna ha etsahala hore ho se bonahele ditholwana tsa projeke di tloha fatshe feela. Ditholwana tse ding tse nkang nako e telele di ka kgolwa feela ka mora boikitlaetso bo matla ka sebele ba e mong le e mong ya amehang.
Tiisa hore ho na le melemo ya sebele bakeng sa batho Baahi ba motse ba tshwanetse ho tela dintho tse itseng e le hore ba sireletse kapa ba hlokomele mehlodi ya bona ya tlhaho—ba sebedisa mobu wa bona, nako, matla ho fetola kamoo ba etsang dintho ka teng. Ba tshwanetse ho tseba hore melemo ya CBNRM e tla etsa hore boikitlaetso bohle ba bona e be bo neng bo tshwaneleha.
Ho tshwanetse hore ho be le mmaraka bakeng sa dihlahiswa tsa projeke.
Batho ba tshwanetse ho kgona ho rekisa thepa e hlahiswang ke projeke ya CBNRM. Haeba ho se mmaraka bakeng sa thepa e hlahiswang, projeke e tla wa. Ho batla dimmaraka tsa thekiso ke karolo ya bohlokwa ya thero ya kgwebo. Thuso ya tsebo e tswang ka ntle le basebetsi-mmoho ba ka thusa ho fihlella dimmaraka.
Haha tsebo ya kgwebo. Tsebo ya kgwebo botsamaisi, ditjhelete, le tlhokomelo di bohlokwa haholo bakeng sa katleho ya lenaneo la lona. Tiisa hore ho tloha tshimolohong ya lenaneo la lona le na le batho ba nang le tsebo e hlokahalang sebedisang thuso e tswang ka ntle haeba ho hlokahala le ho hlophisa ho fana ka tsebo ya kgwebo le ho kwetlisa baahi ba metse jwaloka karolo ya lenaneo la lona. Ho etsa jwalo le tla be le tsetetse ka mokgwa o hlwahlwa bakeng sa bokamoso.
Melemo e hlahiswang ke CBNRM e ke ke ya rarolla mathata kaofela a motse oo. CBNRM e ke ke ya beha dijo dijaneng tsa batho ba dikobo-di-mahetleng hang-hang, kapa ho neha motho e mong le e mong mosebetsi. Empa ke karolo ha bohlokwa ya ho haha motse o matlafetseng le o nang le bokamoso bo kganyang, ho itshetlehile ka ho hlokomela mehlodi ya bona ya tlhaho le ka ho sebedisa mehlodi ena ka bohlale. Ho fapana le motse ona e ka ba motse o sebedisitseng mehlodi yohle ya wona ya tlhaho mme ho se letho le setseng ho le neha moloko o hlahlamang.
DITATAISO
Batho ba tlatsetsang haholo, kapa ba etsang boitelo bo boholo, ba tla lebella ho kotula tjhai ho feta batho ba sa kang ba etsa jwalo. Leha ho le jwalo, melemo ya lenaneo lena e lokela ho atolosetswa bathong ba bangata kamoo ho ka kgonehang, ka ho kgethehileng batho ba dikobo-di-mahetleng. Mohlomong ba ke ke ba kgona ho tlatsetsa haholo, empa ditlhoko tsa bona di kgolo haholo.
Tiisang hore ha ho be feela le melemo ya tjhelete. Batho ba tla kgothalla ka sebele haeba ba bona melemo e meng e fapaneng e tlisetswang motse wa bona. Melemo ena e ka kenyelletsa: tshireletso ya molao kgahlanong le ditshokelo tse tswang ka ntle tse sokelang mobu wa bona le mehlodi ya tlhaho; tshehetso mabapi le ho fumana tsebo ya mosebetsi, ya ditjhelete le tshehetso ya bopolotiki ho haha mekgatlo ya metse; thuto le kwetliso mabapi le tsebo ya ho hlokomela mobu le mehlodi ya moo; ditshebeletso tsa bohlophisi; phihlello ya dikadimo tsa tjhelete le ditjhelete tse ding. Melemo ya setso le ya moya ke ya bohlokwa ka ho kgethehileng. Boikutlo ba hore le fihlelletse lenaneo le itseng ka ho sebetsa hammoho, boikutlo ba ho ba le boleng le seriti bo tliswang ke ho itihela ka setotswana le boikitlaetso, ho matlafatswa ha makgabane a motse le meetlo le tsebo—melemo ena kaofela e haha baahi ba motse mohlomong ho feta tjhelete le melemo ya matlotlo a bonahalang.
Le se ke la ...
Le se qale diprojeke tse lefang meputso ntle le haeba le tseba moo le hore ke jwang le tla kgonang ho rekisa dihlahiswa tsa lona.
Le se ke la tshepisa melemo eo le ke keng la kgona ho fana ka yona.
Le se ke la etsa hore baahi ba metse ba itshetlehe ka ditjhelete tsa motshehetsi wa tjhelete kapa mmuso. Diprojeke tsena di tshwanetse ho lefa ditjhelete tsa tsona, kapele kamoo di ka kgonang ka teng.
Le se ke la nahana ho qala lenaneo la CBNRM ntle le haeba mafapha a mmuso ao le sebetsang le wona a tla tshehetsa ka botlalo metheo ya lenaneo la CBNRM.
Le se ke la nahana hore batho kaofela ba tla ba le katamelo e tshwanang mabapi le mehlodi ya tlhaho jwaloka basireletsi ba mehlodi ya tlhaho.
Le se ke la qala projeke ho fihlela le hlophisitse ka ho feletseng dipakane tsa nako e telele tsa projeke eo.
DITATAISO
Metheo e meholo e supileng 33
Ho na le dipholisi le melao e sebetsang mme melao ena e kengwa tshebetsong, moo ho kgonehang, ke mekgatlo e tshwanelehang o emelang baahi ba metse
Etsang hore baahi ba motse ba kenyelletswe ho etseng diqeto mabapi le dipholisi. Dipholisi ke melao e hlokahalang bakeng sa mokgatlo o mong le o mong. E bolela ka ho hlakileng seo mokgatlo o rerileng ho se etsa, le kamoo mokgatlo o tlang ho etsa dintho tsena. Baahi ba metse ba tshwanetse ho kenyelletswa mohatong o qalang wa ho etsa dipholisi tsena tsa mokgatlo le lenaneo.
Fetolang dipholisi haeba ho hlokahala. Ha mokgatlo o ntse o hola mme le qala ho kenya diprojeke tshebetsong, le ka fumana hore dipholisi tse ding ha di sa sebetsa. Ho ka hlokahala hore le fetole pholisi e le hore e phethe seole batlang ho se etsa.
Ditokomane tsa pholisi di tshwanetse ho ba bonolo ho di utlwisisa. Bolokang dipholisi di le bonolo kamoo ho ka kgonehang e le hore di ka utlwisiswa ke bohle. Di fetolelwe dipuong tse ding haeba ho hlokahala. Etsang bonnete ba hore ditho tsa moo di ka kgona ho fihlella dipholisi tsena haeba ho hlokahala hore di etse jwalo.
Melao e lokelang ho kengwa tshebetsong.
Batho ba dumela ditokelo tsa bona le boikarabelo.
Baahi ba motse ba etsa diqeto mabapi le kamoo ba ka sebedisang mehlodi ya tlhaho ya bona. Ho bokella ditekanyetso tse itseng ho behwa ke ke baahi ho iphaphatha le keletso ya ditsebi.
DITATAISO
Dipholisi tse akarelletsang tse thehilweng metseng ho ya ka 9 tsa naha le tsa diprofensi. Ho na le melao le dipholisi tsa naha le tsa diprofensi tse amang CBNRM. Le ka sebedisa tsena ho etsa melao le dipholisi tsa lona tsa metse, empa le ho le jwalo, le tla etsa diphetoho tse tshwanelang ditlhoko tsa metse ya lona. Ha lenaneo la lona le ntse le hola, le ka nna la leka ho susumelletsa mmuso hore o etse melao e metjha le dipholisi tse ntjha, kapa hore o etse diphetoho melaong le dipholising tse ntseng di le teng, ho itshetlehile ka boiphihlelo ba lona ka kotloloho le lenaneo la CBNRM.
Hokahanya dipholisi tsa motse le IDP ya motse. Bo-mmasepala kaofela ba setereke le ba lehae ba na le mananeo a thero— di-IDP. Di-IDP di na le dipheo tse tshwanang le tsa mananeo a CBNRM. Ka lebaka lena, le tshwanetse ho sebedisana haufi haholo le mmasepala wa lehae le wa setereke. Tiisang hore dipholisi tsa lona le melao ya lona e iphaphatha le dipholisi le maano a Lekgotla la mmuso. Ka ho sebedisana hammoho le ka fihlella dintho tse ngata haholo.
Mmuso wa leha ke senotlolo. Ka hobane mmuso wa lehae o na le karolo ya bohlokwa haholo ntshetsopeleng ya mananeo a CBNRM, mmuso o na le boikarabelo ba ho tiisa hore mmuso wa lehae o hlomelletswe hantle ho tshehetsa mekgatlo ya metse ka mananeo a yona a CBNRM. Batsamaisi ba mmuso wa lehae ba tshwanetse ho rupellwa hore ba fane ka thuso ditshisinyong tsa ditokisetso tse mabapi le projeke ya mekgatlo ya metse.
Mafapha a mmuso a tshwanetse ho tiisa hore melao, dipholisi,le ditumellano tsa metse di a latelwa. Mosebetsi wa batsamaisi ba lefapha la mmuso o tshwanetse ho bewa leihlo ho tiisa hore ba neha mananeo a metse tshehetso e hlokahalang.
Pholisi tsena di tshwanetse ho ba le matla a ho fana ka kotlo. Difaene le dikotlo tse ding di tshwanetse ho tiiswa haholwanyane haeba melao e hatwa ka maoto. Dumella batsamaisi ba mmuso ba sebetsang le metse hore ba sebedise kahlolo ya bona e molemo ha ba sebedisa molao. Boemo ka bong bo fapane.
Behang matla a taolo mahetleng a mokgatlo wa motse ha ho loketse. Matla a ho hlokomela le ho laola
DITATAISO
Metheo e meholo e supileng 35
mehlodi ya tlhaho a tshwanetse ho fetisetswa mokgatlong wa motse ha o thehilwe ka hantle. Sena se bolela hore: ho na le bolaodi bo kgethilweng; mokgatlo wa motse o thehilwe ka molao jwaloka Trust, Communal Property Association kapa khamphani ho ka ya Karolo 21 ya Molao, mokgatlo o na le tsebo le batho ba hlokahalang bakeng sa botsamaisi; leano la botsamaisi le amohelwang ke banka-karolo kaofela ba fumanehang; ho na le tsamaiso e nepahetseng ya ho beha mananeo leihlo. Metse e ka nna ya hloka tshehetso ya tsebo e tswang ka ntle e le hore e thehe mokgatlo o sebetsang.
Behang ka thoko ditjhelete bakeng sa ho rupellwa mananeo a CBNRM, mme ka dinako tsohle le ntshetse pele tsebo ya baahi ba motse e le hore ba kgone ho hlokomela mehlodi ya bona ya tlhaho. Basebetsi-mmoho ba bang, ho kenyelletswa ba boholong ba bommasepala, ba ka hloka kwetliso mabapi le tsebo e itseng e le hore ba kgone ho phethatsa karolo ya bona mananeong a CBNRM. Fuputsang mehlodi yohle e ka fumanehang ya tshehetso ya tjhelete (di-SETA, mananeo a sekolo a thupelo ya mesebetsi, jl.).
Tiisang hore mafapha a mmuso a fapaneng a kgona ho sebetsa hammoho. Lefapha ka leng le tshwanetse ho etsa qeto mabapi le hore karolo ya lona ke efe lenaneong la CBNRM le ho phethahatsa karolo ka mafolo-folo. Mafapha ana a tshwanetse ho etsa maemo a kgethehileng a mosebetsi bakeng sa mananeo a CBNRM naheng, diprofensing, diterekeng le mmusong wa lehae, le ho fana ka kwetliso e nepahetseng le ho tshehetsa dintho tsena ka tjhelete. Dihlopha tse sebetsang tsa CBNRM tse tshehetswang ke mafapha a mmuso di lokela ho thewa naheng le diprofensing ka sepheo sa ho ntlafatsa tshebedisano le bohokahanyi pakeng tsa mafapa a mmuso.
Thaothang tshehetso bakeng sa mananeo a CBNRM ho batsamaisi ba phahameng le maemong a dipolitiki mmusong le lefapheng la praevete. Batsamaisi ba bang ba mmuso ba ke ke ba tshehetsa tjhebelopele le dipheo tsa pholisi ya CBNRM. Moo ho na le kganyetso lenaneong la CBNRM, botsamaisi bo phahameng bo tshwanetse ho thusa. Tshehetso e tswang bolaoding bo phahameng e bohlokwa haholo bakeng sa katleho ya lenaneo lena.
Fumanang lesedi le nepahetseng pele le saena ditumellano tsa molao. Pele matla a taolo a fuwa mokgatlo wa motse hore o hlokomele mobu le mehlodi ya tlhaho, ho tshwanetse
DITATAISO
ho bontshwa ka ho hlaka hore lenaneo la mokgatlo le molemo. Sena se bolela hore mokgatlo o tshwanetse ho ba matla ka ho lekaneng hore o ntshetse pele mesebetsi ya wona, lenaneo le lokela ho fana ka maikutlo a matle a moruo, mme mehlodi ya tlhaho e tla sireletswa ka sebele le ho sebediswa ka bohlale.
Dipholisi di tshwanetse ho tiisa hore metse e fumanamelemo e phahameng ka ho fetisisa lenaneong la yona. Mmuso o tshwanetse ho tiisa hore lenaneo le sisintsweng ke mokgatlo wa motse ke lenaneo le molemo haholo la ho etsa moruo ka ho sebedisa mehlodi ya tlhaho.
Fana ka ditataiso bakeng sa indasteri ho sebedisa dihlahiswa tsa mehlodi ya tlhaho. Tsela e nngwe eo metse e ka etsang tjhelete ka yona ke ka ho hirisetsa kgwebo ya praevete ditokelo tsa ho sebedisa mehlodi ya tlhaho le boiphihlelo. Mmuso o tshwanetse ho sebedisana haufi haholo le diyuniti tse leng teng tse hlophisang ntshetsopele ya dikgwebo tse thehilweng metseng.
Le se ke la ...
Le se ke la lebella hore mekgatlo ya metse e tla latela mehato e tlwaelehileng ya leano la kgwebo le botsamaisi ba projeke. Empa ho e na le hoo, tiisang hore ditene tsa motheo tsa ho haha botsamaisi ba projeke di behilwe hantle le ho dumella ntshetsopele e mafolo-folo, e tenyetsehang ya bohlophisi ba ho tsamaisa projeke.
Le se ke la lebella hore mananeo wohle a tla sebetsa ka tsela e tshwanang— ditataiso di tshwanetse ho ba le teka-tekano pakeng tsa ho dumella sebaka sa ho tenyetseha le ho tiisa hore ho na le tumellano ya mehopolo e tshwanang,.melao e tshwanang, le tshebediso e tshwanang ya mantswe.
Le se ke la sheba projeke ka nngwe jwaloka projeke e ikemetseng e nnotshi, jwaloka pakane e le nngwe e fihlellwang. Ho e na le hoo, projeke ka nngwe ya CBNRM ke karolo ya lenaneo le tswelang pele la CBNRM mmusong wa ditereke, diprofensi le naheng.
DITATAISO
Metheo e meholo e supileng 37
Thuso e tswang ka ntle e fanwa ho thusa diprojeke tsa metse. Tsebo le boiphihlelo ba batho ba metse di a hlomphuwa
Tiisang hore ho na le bohlophisi bo tswelang pele ba boleng bo phahameng. Boholo ba mananeo a CBNRM a hloka mohlophisi ya nang le tsebo ya ho sebetsa le baahi ba motse, mehatong e qalang ya lenaneo empa le ka nako e telele. Sena se ka fanwa ka 'mosebedisani' ya jwaloka NGO, moeletsi kapa lefapha mmuso. Bahlophisi bana ba tshwanetse ho nahanela ditso tsa batho ba motse le ho bontsha tlhompho bakeng sa tsebo le boiphihlelo ba baahi ba motse.
Hahang tjhebelopele ya nako e tlang ya baahi ba motse. Mohlophisi o sebetsa hammoho le mokgatlo wa motse ho haha tjhebelopele ena e tshwanang mabapi le seo motse o batlang ho se fihlella. Ba dumellana ka hore na ba tla fihlella jwang tjhebelopele ena—hore ba tla latela lenaneo lefe.
Tiisang hore ho na nako ya ho haha ho tshepana pakeng tsa batho bohle ba amehang.
Batho ba sa tsebeng ho bala le ho ho ngola ba tshwanetse ho kgona ho ba le seabo. Mohlophisi o tshwanetse ho ba le bokgoni ba ho etsa hore batho bana ba sebetse le,
Baahi ba motse le NGO ya motse.
ba sebetsa haufi-ufi kapa mokgatlo wa ntshetsopele o utlwisisang motse le o nang le boiphihlelo ba ho hlokomela mehlodi ya tlhaho ya sebaka seo. Bahlophisi ba abelana le bona tsebo le bokgoni. Ba kgothalletsa baahi ba motse hore ba fane ka boiphihlelo le kutlwisiso ya bona.
DITATAISO
jwaloka Ho Ithuta ka ho a le Seabo le
Metse ya Mahaeng.
Sebedisa dithuso tse ngata tsa ho bona kamoo ho ka kgonehang. Dimmapa, divideo, difoto le diketelo tsa dibaka ke dintho tsa bohlokwa bakeng sa e mong le e mong, e seng feela batho ba sa tsebeng ho bala le ho ngola.
Elang hloko haholo dipuo tse sa tshwaneng le ditso. Motho e mong le e mong o tshwanetse ho ikutlwa a lokolohile ho ntsha maikutlo a hao ka puo ya hae, mme mabakeng a mangata sena se tla hloka phetolelo.
Ho se be le motho kapa sehlopha se ikutlwang se se bohlokwa jwaloka sehlopha se seng. Hlokomelang hore batho ba se ikutlwe ba phahametse ba bang kapa ba le banyenyane. Mohlophisi ya rupetsweng o tla tseba kamoo a ka etsang hore e mong le e mong a ikutlwe a amohelwa ka ho lekanang le ho nkwa a le bohlokwa.
Bahlophisi ba tshwanetse ho bopa maqhama pakeng tsa dihlopha le batho ka bomong. Bahlophisi ha se feela bakwetlisi. Ba ka thusa dihlopha tse sa tshwaneng le batho ho utlwisisana le ho sebedisana hammoho.
Nehang batho ba motse monyetla wa hore e be bahlophisi. Mohlophisi o tshwanetse ho fetisetsa tsebo ena ya bohlophisi ho
DITATAISO
Karolo y a bahlophisi e bohlokwa haholo mme ba tshwanetse ho dula projekeng ka nako e telele kamoo ho hlokahalang.
Leha ho le jwalo, ka letsatsi le leng bahlophisi ba tshwanetse ho fihlella ntlha eo ba ikgulang ka hobane jwale motse o kgona ho hlokomela ditaba tsa wona ntle ho thuso ya bohlophisi e tswang ka ntle—sena ke sona sepheo sa lenaneo.
Metheo e meholo e supileng 39
batho. Ka mohlala, batho ba motse ba tshwanetse ho kgona ho hlophisa le ho tsamaisa diboka tsa bona tsa dikomiti tseo e leng karolo e tlatsa le dihlopha tse sebetsang.
Ho arolelana boiphihlelo le bahlophisi ba sebetsang dibakeng tse ding. Bahlophisi ba tshwanetse ho arolelana boiphihlelo ba bona mananeong a CBNRM le dibaka tse ding—mathata a mangata ao ba nang le ona ke a tlwaelehileng mananeong kaofela.
Itokisetseng ho dula le amehile lenaneong ka nako e telele—empa le tshwanetse ho tseba hore na ke neng le tshwanetseng ho tsamaya. Mohlophisi o tshwanetse ho dula lenaneong ka nako e telele kamoo ho hlokahalang. Ho bohlokwa ka ho kgethehileng ho ba le bohlophisi bo sebetsang hantle nakong eo melemo ya lenaneo e qalang ho arolelanwa—ke nakong eo mathata a atisang ho qala. Mofuta wa bohlophisi bona o tla fetoha ka mora nako, ha batho ba motse ba ntse ba fumana tsebo, ba qala ho itshepa le ho bokella boiphihlelo ba ho hlokomela lenaneo lena ka bobona. Beha maemo a hlakileng bakeng sa ho qeta bohlophisi—ke ho fetisetsa bohlophisi bona motseng, e seng ho fana ka bohlophisi ho ya ho ile!!
Le se ke la ...
Le se ke la neha batho ditebello tse ke keng tsa phethahatswa. Ha batho ba utlwa hore ho na le menyetla ya thupello, hangata ba nahana hore sena se bolela hore ba tla fumana mesebetsi. Tiisang hore batho ba utlwisisa seo ka ho utlwahalang ba ka se lebellang lenaneong lena.
Le se ke la nahana hore baahi bohle ba motse ba nahana le ho I tshwara ka tsela e tshwanang. Metse e rarahane, e na le ditumelo tse fapaneng, ditshepo le ditlhoko. Metse e fetoha ka dinako tsohle.
Le se romele bahlophisi ba nang le tsebo dibakeng tse ding hang feela ha ba qala ho hlahisa ditholwana tsa mosebetsi wa bona. Bolokang bahlophisi ba nang tsebo mosebetsing wa bona ka nako e telele kamoo ho hlokahalang ka teng, empa e seng ka nako e telele haholo.
Le se ke la fokodisa boetapele ba motse ka ho ba le mohlophisi sebedisang taolo e ngata haholo. Empa ho e na le hoo, ka bohlophisi bo nang le kelo-hloko le ho fetisetsa tsebo le bokgoni ba lona ho ba bang, hahang boetapele ba motse.
DITATAISO
Haeba boetapele ba motse bo utlwisiswa hantle mme boetapele ba motse bo tshehetsa ka botlalo diprojeke tsa CBNRM
Hlomelang boikutlo ba ho batla ho hlahella ka mahetla mabapi le batho ba pele le ba batjha ba nkang marapo a taolo. Ha matla le taolo di fetisetswa sehlopheng se setjha sa batho—jwaloka baeletsi ba motse kapa batsamaisi ba mananeo a CBO—ka dinako tsohle ho na le kotsi ya ho batla ho hlahella ka mahetla sehlopheng se setjha se nkileng marapo ho tla qala ho bonahala. Ba ka sebedisa boemo bona bo botjha ba matla bakeng sa ho ithuisa. Boemo ba le dipheo tsa baetapele ba motse bo tshwanetse ho utlwisiswa ka mokgwa o hlakileng pele boemo bo jwalo bo sebediswa.
Sebedisang molao wa motheo ho qoba ntwa ya ho nka marapo. Etsang bonnete ba hore ditokelo le mesebetsi e ngotswe ka mokgwa o hlakaileng melaong ya motheo ya makgotla a sa tshwaneng a hlokometseng mananeo.
Tiisang hore baemedi ba metse ke batho ba tshwanelehang le hore ha se batho ba ipehileng boemong boo. Molao wa motheo wa lekgotla le hlokometseng lenaneo o tshwanetse ho tsitlella hore baemedi ba tshwanetse ho botsa dikeletso tsa dihlopha tseo
DITATAISO
ba motse ba nang le tshusumetso e kgolo, baetapele ba setso le baholo ba motse, ka mohlala, ba itlama ho tiisa hore motho e mong le mong o una melemo ka mokgwa o tshwanang le ba bang kamoo ho ka kgonehang.
ba di emelang. Baemedi ba tshwanetse ho fuwa nako ya ho etsa sena.
Tiisang hore dihlopha kaofela di na le boemedi. Mekgatlo ya metse e tshwanetse ho emela dihlopha tsohle tse fapaneng tsa motse oo.
Metheo e meholo e supileng 41
Ho sebetsana le dithahasello tse lwantshanang.
Tiisa hore motho e mong le e mong o elellwa dintho tsa batlwang le tse hlokwang ke baahi ba motse. Dipakane tsa sehlopha se seng ha di tshwanela ho ba bohlokwa ho feta tsa sehlopha se seng.
Nehang batho ba motse ditokelo tse matla haholo tsa molao mabapi le mehlodi ena ya bona e le hore hore ba ka sebedisa melao ena ho sireletsa mehlodi ya bona ya tlhaho kgahlanong le batho ba tswang ka ntle.
Tiisang hore ditsamaiso tse nepahetseng tsa kgwebo di a latelwa. Batsamaisi ba kgwebo ba sa tshepahaleng ke tshokelo e mpe haholo tlhokomelong ya mehlodi ya tlhaho. Ka ho tlwaelehileng batho ba jwalo ba fetoha batho ba nang le matla a mangata, hangata ba hlokomoloha melao ya motse le ditaolo, mme hangata ba ka senya mananeo a motse. Ditsamaiso tse nepahetseng tsa kgwebo, jwaloka mananeo a dithendara, a tshwanetse ho sebediswa ka dinako tsohle e le hore ditshebetso tsohle di ka etswa ntle ho leeme le ka molao.
Baetapele ba motse ba tshwanetse ho tiisa hore ba etsa boiteko bo bong le bo bong ho tiisa hore batho ba nang le matlaho feta ba bang motseng ha ba laole lenaneo lena. Ho tshwanetse hore ho utlwisiswe ka ho hlakileng hore batho bana ba nang le tshusumetso ke bo mang
DITATAISO
Utlwisisang boetapele ba motse le ho tiisa hore le bo sebetsa hantle. E le hore le utlwisise hore na ke bo-mang ba na le matla a taolo motseng, le dipolotiki tsa motse, etsang diphuputso mabapi le nalane ya motse oo. Ka tsela ena le ka sebedisa hamolemo haholo boetaepele ba motse.
Le se ke la ...
Le se ke la nahana hore metse ya mahaeng e na le boithati bo fokolang kapa hore e kopane ho feta metse e meng.
Le se ke la nahana hore ho na le feela sehlopha se le seng sa baetapele—
boetapele bo ka fanwa ka mefuta e ngata e fapaneng—lekang ho utlwisisa hore boetapele boo bo sebetsa jwang sebakeng seo mme le sebedisane le boetapele boo ka mokgwa o akarelletsang kamoo le ka kgonang.
Le se ke la nka mahlakoreng ditsekong tsa matla. Dipolotiki tsa motse di ka fetoha ka motsotso mme metswalle ya lona kajeno e ka fetoha dira tsa lona hosane.
Le se ke la ya le kgonwana hodimo ha le bona tjheseho le bonngwe ba motse tshimolohong—sena se ka fetoha ha mmila o puta. E bang le maikutlo a hore lenaneo lena le tla nka nako e telele.
DITATAISO
Diphephetso 43
KAROLO 3
DIPHEPHETSO
Ka dinako tsohle mananeo a CBNRM a kenyelletsa diphephetso. Diphephetso tse ding di tlwaelehile haholo mananeong wohle a CBNRM. Pele le qadisa projeke ena ya lona, nahanang ka diphephetso tseo le ka shebanang le tsona:
Projeke e nngwe le e nngwe ya CBNRM e fapane le e nngwe. Hore o ile wasebetsa projekeng ya CBNRM nakong e fetileng ha ho bolele hore o ka etsa dintho ka tsena e tshwanang nakong ena. Itokisetseng ho ithuta ho tswa boiphihlelong ba lona le ho etsa diphetoho ha ho hlokahala.
Ditataiso tse ngotsweng bukeng ena e mpa feela e le tataiso. Ka hobane projeke e nngwe le e nngwe e fapane, le tshwanetse ho itokisetsa ho fetola ditataiso tsena hore di tshwanele projeke ya lona. Ithaopeleng ho leka le ho etsa diphetoho moo ho hlokahalang. Empa le tiiseng hore le hlalosa ka ho hlakileng lebaka leo le etsang seo le se etsang. Qobang ho ferekanya batho.
Lebellang hore dikgohlano di ka tsoha. Mananeo a ho nka karolo le CBNRM ka dinako tse ding ke phetoho e kgolo haholo, ka lebaka leo le se makale ha ho hlaha dikgohlano. Empa le leke ho nahanela pele mathata a ka bang teng ka ho beha mananeo ana leihlo le ho leka ho thibela mathata a jwalo. Le se ke la tshwenyeha haholo haeba dikgohlano di hlaha leha le entse tsena. Sena se tlwaelehile. Ho tshoha le ho makala ke karolo ya tshebetso ena.
E bang sedi ho hlokomela matla a taolo motseng. CBNRM e mabapi le ho tshwara batho bohle ka tsela e lekanang. Batho ba bang ba nang le matla a maholo a taolo ba ka nna ba se thabele tshwaro e lekanang. Sena se ka baka kgohlano. Ka dinako tse ding sena se ke ke sa qojwa empa leka ho qoba boemo bona haeba o ka kgoneha.
DITATAISO
Ho ka nna ya ba le ho hloleha ho itseng ha lenaneo le mathata ka dinako tse ding projekeng. Dinako tse jwalo phephetso ke ho boloka e mong le e mong a na le maikutlo a matle le ho sebeletsa ho hlola bothata bona.
E bang sedi ho hlokomela 'matla a ho nyahama'. Ha ntho e itseng e sa tsamaye hantle karolo e le nngwe ya projeke, boikitlaetso bohle le matla a projeke a ka lebiswa bothateng bona. Sena se ka bolela hore dikarolo tse ding tse atlehileng tsa projeke ena di a hlokomolohuwa. Lekang ho boloka dikarolo tse atlehileng tsa projeke di tswela pele ha ka nako eo le leka ho rarolla mathata.
Ka tlhaho batho 'ha ba rate phetoho', mme hangata ha ba rate mehopolo e metjha kapa ditsela tse ntjha tsa ho etsa dintho. Le se ke la makala haeba ho nka nako e telele hore mehopolo e metjha e amohelwe, kapa esita le ho se amohelwe ho hang. Kenyelletsa sena leanong la lona—e bang le ditsela tsa ho sebetsana le ho hana ha batho phetoho.
Itokisetseng ho amohela ho tshwauwa diphoso, esita le haeba ho hlile ho se na mabaka a ho tshwauwa diphoso jwalo.
Batho ba sebetsang diprojekeng tsa CBNRM hangata ba amohela dihlaloso tse sa lokang le ho tshwauwa diphoso ka mokgwa o se nang toka, hangata dihlaloso tse jwalo di etswa ke batho ba sa amaneng ho hang le projeke. Ho tshwauwa diphoso tjena ho ka utlwisisa bohloko ka sebele. Le ka senya nako e ngata haholo le matla o leka ho sebetsana le ho tshwauwa diphoso hona. Amohelang nnete ya hore sena se tla etsahala, mme le se dumelle hore ho tshwauwa diphoso ho jwalo ho senye mosebetsi o motle oo le o entseng le mosebetsi o etswang ka ba bang. Empa, ka dinako tse ding, ho tshwauwa diphoso hona ho ka be ho nepahetse!!! Haeba ho le jwalo, mamelang, ithuteng, ho ithaopola ho amohela diphoso tse entsweng.
DITATAISO
KAROLO 4
DITATAISO TSE LESHOME TSE SEBETSANG BAKENG SA E MONG LE E MONG
Ditataiso tsena tse 10 tse sebetsang di tla thusa e mong le e mong ya amehang projekeng ya CBNRM—ditho tsa motse, batsamaisi ba mmuso ba motse, bahlophisi ba NGO, baetsi ba dipholisi ba mmuso. Mona ho fanwe ka dinotlolo tse ding tsa bohlokwa haholo bakeng sa projeke e atlehang ya CBNRM.
Ikemisetseng ho arolelana taolo le boikarabelo. CBNRM e thehilwe tabeng ya ho kenyelletsa batho ba bangata kamoo ho ka kgonehang motseng hore ba hlokomele mehlodi ya tlhaho. Hopolang hore CBNRM ke ya motse, e seng motho ya itseng kapa komiti. Sena se bolela ho kenyelletsa baahi ba motse ha ho etswa diqeto. Hape e bolela ho fetisetsa matla a taolo le boikarabelo bathong ba sebetsang lenaneong lena. Ho neha batho mesebetsi le boikarabelo ho ka nna ha bolela hore ka dinako tse ding dintho di ka nna tsa se sebetse. Ho latela leano le entsweng—ka ho kgethehileng haeba batho bao ba se na ditsebo tse kgethehileng. Ka lebaka leo kwetliso e bohlokwa haholo le kgothatso e bohlokwa.
Ho hlokomela projeke ya motse, e nang le batho ba bangata ba amehang, ka dinako tse ding ho ka ferekanya batho ba tlwaetseng ho laola dintho ka ho phethahetseng. Itokisetseng ho ithuta ditsela tse ntjha tsa ho hlokomela batho. Hopolang, leha ho le jwalo, hore ho kena ha lona diprojekeng tsena ho etswa ka boithaopoy—ha ho motho ya tshwanetseng ho ikutlwa a qobeletswe ho kena mananeong ana haeba a sa batle. Kgothalletsa ho nka karolo—le se leke ho qobella batho.
DITATAISO
Behang leihlo le ho hlahloba lenaneo ka dinako tsohle. Ka dinako tsohle ho hlokahala hore le tsebe haeba projeke ya lona ya CBNRM e sebetsa hantle. Ho fihlella sena projeke ya lona e tshwanetse ho ba le dipakane tse hlakileng—leano le bontshang ka ho hlakileng seo le batlang ho se fihlella le kamoo le rerang ho fihlella tsena. Hape leano la lona le tshwanetse ho ba le tsamaiso ya ho hlahloba ka dinako hore lenaneo la lona le ntse le le motjheng. Haeba ho na le mathata ka projeke, ho hlokahala hore le tsebe ka wona kapele kamoo ho ka kgonehang, e le hore le ka nka mehato ya ho lokisa mathata ao. Ho beha lenaneo leihlo le ho hlahloba kamoo le tswelang pele ka teng ke dithulusi tsa ho hlahloba tswelopele ya projeke le ho qolla mathata. Ena ke tsebo eo batho ba leng projekeng ena ho hlokahalang hore ba be le yona. Mohlomong ho ka thusa hore mosebetsi-mmoho wa lona wa NGO a thuse ka sena.
Bolokang ba le leseding, mamelang seo ba se bolelang. Ka dinako tsohle e tshwanetse ho boloka batho ba le leseding mabapi le projeke, le ho utlwa maikutlo a bona. Ho na le ditsela tse ngata tsa ho etsa sena— dibokeng tsa ka mehla, ditlaleho tsa ho fana ka dikarabo dipotsong tse ileng tsa botswa, mananeo a thupello, mangolong le diphoustareng, le meqoqong ya botswalle ha le kopana lebenkeleng la motse. Ntho ya bohlokwa ke ho boloka e mong le e mong a le leseding le ho dumella batho hore ba etse tlatsetso ya bona.
Itokisetseng ho ithuta ditsela tse ntjha tsa ho etsa dintho.
Ho hlokomela projete motseng wa mahaeng ha ho tshwanetse ho hlokomela khamphani e kgolo motseng o moholo, kapa lefapha le leholo la mmuso. Dintho di ka fapana mona! Projeke ena ke ya motse mme baahi ba motse ke bona ba etsang diqeto tse ngata. Itokisetseng diketsahalo tse sa lebellwang le dintho tse makatsang tseo mohlomong le ke keng la kgona ho di laola. Ho hlokahala hore le be le ditsebo le bokgoni bo fapaneng ba ho kgothalletsa baahi ba motse ba sebetse hammoho le ho itokisetsa ho ithuta, le ho leka ditsela tse ntjha.
DITATAISO
Ka dinako tsohle le sebedise tsebo e ntle ya mosebetsi le ho itihela ka setotswana. Diprojeke tsa motse di lokela ho kgona ho etsa dintho ka tsela tse ntjha kapa tse fapaneng. Empa ka dinako tsohle ho hlokahala boitayo le boinehelo. Tsena di lokela ho kenyelletsa dintho tse jwaloka ho beha melao le ho e latela, ho dumellana ka molao wa boitshwaro o bontshang kamoo batho ba tshwaneng ho itshwara ka teng dibokeng, kamoo ba tshwanetseng ho etsa mesebetsi ya bona le hore ho tshwanetse ho etsahala eng haeba ba sa boloke melao eo. Ka dinako tsohle batho ba tshwanetse ho etsa seo ba bolelang hore ba tla se etsa. Sena se bolela ho tsamaisa diboka hantle, ho boloka ditlaleho le ho romela ditlaleho ha di hlokahala.
Le se ke la dumella batho ho sebedisa projeke ena mabakeng a bona a boithati. Ho bokella batho ba sa tshwaneng hammoho hore ba sebetse hammoho bakeng sa sepheo se tshwanang ha ho bonolo ho hang! Batho ba ka itshwara ka tsela e tletseng boithati, ka ho kgethehileng haeba tjhelete le melemo e lebelletsweng (ho nka karolo lenaneong la thupello, ho kena maetong, jl) e kenyelletswa! Lekang ho tiisa hore batho ka bomong kapa dihlopha ba di sebedise projeke ena ho iketelletsa pele—projeke ena e molemong wa bahii ba motse.
E bang le mamello, empa le kgothalletse boinehelo le boikitlaetso. Ho etsa hore baahi ba motse ba sebetse hammoho e ka nna ya ba lenaneo le nkang nako e telele le le tsamayang butle. Batshehetsi ba tjhelete le mekgatlo ya mmuso e tshwanetse ho utlwisisa hore ho theha mokgatlo wa motse le ho qadisa diprojeke ke lenaneo le tsamayang butle mme hape ho thata. Ho ka nna ha nka dilemo tse ngata. E mong le e mong o tshwanetse ho dula a inehetse le ho fana ka tshehetso ha feela e ntse e hlokahala. Le se ikgule projekeng haeba ho nyolosetsa! Ka nako e tshwanang, le se mamelle boitshwaro bo sa lokang bo ka kgelosang projeke kapa bo ka bakang ditieho tse sa hlokahaleng. Le ka lebella hore batho ba itshware ka tsela e bontshang boitayo le boinehelo haeba lona ka bolona le beha mohlala.
DITATAISO
Hlomphang ditumelo le ditso tsa batho ba motse. Hlomphang histori ya batho, bodumedi le ditso tse fapaneng le meetlo. Baahi ba motse ba na le ditsela tsa bona tsa ho etsa dintho mme ditsela tsena di molemo jwaloka ditsela dife kapa dife tse ding. Lekang ka hohle ho utlwisisa ditsela tsa motse tsa ho etsa dintho. Hlomphang boetapele ba motse. Haeba ho hlokahala hore le etse diphetoho, etsang bonnete ba hore le hlaha batho bana leseding—le se ke la leka ho qobella batho ho etsa dintho ka tsela eo le batlang ho etsa dintho ka yona!
Hahang boikutlo ba ho tshepana pakeng tsa batho le ho sebetsa ka matla ho boloka boikutlo bona.
Hahang baetapele le bo-mmampodi ba lenaneo la CBNRM. Atolosang boikarabelo le ho bula menyetla bakeng sa baetapele ba holang.
DITATAISO
KAROLO 5
Metse ena ke dihlopha tsa batho ba phelang sebakeng se tshwanang le ba sebedisang mobu wa motse ooo le mehlodi ya moo ho iphedisa. Batho bana ke bona ba tla haha mokgatlo wa CBNRM le ho haha projeke ya CBNRM ya ho sireletsa mehlodi ya moo le ho ntlafatsa bophelo ba batho. Ditataiso tsena ke tsa lona.
Hlokomelang mehlodi ya tlhaho. Ntle ho mobu, metsi, difate, dimela le diphoofolo, ho ke ke ha ba le lenaneo la CBNRM. E le hore ho sireletswe mehlodi ena ho hlokahala leano leo e mong le e mong a dumellanang le lona. Leano le lokela ho bontsha kamoo mehlodi ena e lokelang ho sebediswa ka teng. Leano le tshwanetse ho kenyelletsa ditsela tsa ho ntlafatsa bophelo ba batho.
Sebetsang le batho ba bangata kamoo ho ka kgonehang. Dihlopha tsohle tse thahasellang motseng di tshwanetse ho kenyelletswa projekeng ya CBNRM—ka ho kgethehileng batho bao ka dinako tse ding ba hlokomolohuwang, jwaloka basadi, batjha, le batho ba dikobo-di-mahetleng. Elang hloko hore le dumelle hore dihlopha dife kapa dife tse matla kapa batho ba kwetele projeke ena bakeng sa merero ya bona.
DITATAISO
Sebedisang mokgatlo o matla le wa nnete ho emela batho ba motse. Baahi ba motse ba tshwanetse ho theha mokgatlo o hlokomelang projeke ya CBNRM. Haeba ho na le mokgatlo o tiileng wa motse o ka etsang sena—Trust ya Ntsahetsopele —le ka sebedisa mokgatlo ona. Haeba ho se jwalo, ho tla hlokahala hore le thehe mokgatlo o motjha wa CBNRM. Mokgatlo o tshwanetse ho ba le batho ba tswang dihlopheng tse fapaneng tsa motse. Batho ba leng mokgatlong ona e tshwanetse hore e be batho ba tshepahalang, ba ka tshepjwang le ba sebetsang ka thata. Ba tshwanetse ho etella pele projeke bakeng sa molemo wa baahi bohle ba motse. Moo ho kgonehang, kenyelletsang Baeletsi ba mmuso le batsamaisi ba mmuso projekeng ena—karolo ya bona ke ya bohlokwa.
Behang ka ho hlakileng seo projeke e tla etsetsa baahi ba motse. Etsang bonnete ba hore e mong le e mong o dumellana le seo projeke e tla se etsa. Behang dipakane tse hlakileng tseo e mong le e mong a di utlwisisang le ho dumellana le tsona. Tiisang hore dipakane tsena di ka fihlellwa—le se ke la leka ho etsa mehlolo. Tiisang hore basebetsi-mmoho kaofela ba tswang ka ntle— jwaloka basebetsi-mmoho ba mmuso, di-NGO le kgwebo ya praevete— ba utlwisisa dipakane tsa lona.
Behang ka ho hlakileng mefuta e fapaneng ya melemo. Melemo e meng e tla hlaha kapele-pele. Melemo e meng e ka nka dilemo tse ngata ho fihlellwa. Batho ba bangata ba tla thahasella haholo melemo ya kapele-pele, le ya nako e kgutshwanyane—ka ho kgethehileng melemo ya tjhelete. Empa ho bohlokwa ho hlalosetsa motho e mong le e mong ka ho hlakileng hore melemo ya nako e telele e tla ba efeng. Melemo ena e ka kenyelletsa:
sebaka se molemo seo ba ka dulang ho sona—mobu, metsi, dimela le diphoofolo di tla sireletswa bakeng sa lona le bakeng sa meloko ya ka moso thuto le kwetliso mabapi le tsebo le bokgoni bakeng sa ditho tsa motse tshebedisano e molemo motseng, le basebetsi-mmoho ba tswang ka ntle ditsela tse molemo tsa ho sebedisa mobu ditsela tse molemo tsa ho iphedisa
DITATAISO
tshehetso e eketsehileng ho tswa ka ntle—ho kenyelletswa tshehetso ya mmuso, batshehetsi ba tjhelete le di-NGO
ho fumana tokelo ya ho ba beng ba mobu le ho sebedisa ditokelo tsa mobu le mehlodi ya moo ho sireletsa mobu ditshokelong tse tswang ka ntle ho fihlella dikadimo tsa tjhelete ho matlafatsa makgabane a setso le a moya le a meetlo.
Ho ke ke ha ba bonolo ho fumana melemo ena—ho tla bolela boikitlaetso bo boholo bo etswang ke mokgatlo le motse.
CBNRM e ke ke ya rarolla mathata kaofela a baahi ba motse. CBNRM e ka tlisa melemo e mangata-ngata bakeng sa motse, empa e ke ke ya rarolla mathata kaofela. Ka mohlala, e ke ke ya neha motho e mong le e mong mosebetsi. Motho e mong le e mong o tshwanetse ho utlwisisa sena ka ho hlaka—ho seng jwalo ba tla ikutlwa ba swetsitswe. CBNRM e mpa e le e nngwe ya ditsela tsa ho thusa ho rarolla mathata ana. Batho ba tshwanetse ho tswela pele ba etsa mesebetsi ya bona jwaloka mehleng. Ka mora nako e telele, diprojeke tsa CBNRM di tla hlahisa mesebetsi e itseng e metjha.
Batho ba bang ba tla fana ka tlatsetso e fetang ya ba bang —mme ba tshwanetse ho putswa ka ho loketseng. Ditho tse ding tsa motse di tla etsa mosebetsi o mongata ho feta ba bang projekeng ena mme ba tshwanetse ho putswa ka ho loketseng bakeng sa sena. Hape, ka hobane CBNRM e tla tlisa diphetoho tseleng eo batho ba phelang ka yona, batho ba bang ba ka lahlehelwa ke moputso o itseng wa bona. Ka mohlala, ho ka etsahala hore batho ba se kgone ho tshwasa dihlapi tse ngata lewatleng, kapa ho rema patsi e ngata morung. Batho bana ba tshwanetse ho fuwa ditlhapiso—mohlomong ka hore ba sebetse projekeng. Etsang bonnete ba hore motho e mong le e mong o utlwisisa taba ena ho tloha sethathong—ho seng jwalo ho ka nna ha ba le kgohlano hamorao.
DITATAISO
Lebellang hore dikgohlano. Sehlopheng sefe kapa sefe sa batho, haholo-holo haeba ho ameha tjhelete kapa melemo e itseng, kapa haeba ho behilwe melao e bontshang hore na ke mehlodi e meng eo batho ba ka e sebedisang, ho tla ba le kgohlano pakeng tsa batho. Itokisetseng dikgohlano tse jwalo, le ho leka ho sebetsana le tsona pele di fetoha bothata bo boholo haholo. Hlahang batho leseding ka dinako tsohle le ho mamela dingongoreho tsa bona le mathata. Sebedisanang le batho ka toka.
Etsang bonnete ba hore motho e mong le e mong o tseba o tseba mesebetsi boikarabelo ba hae. Tshwarang diboka ka mehla ho tiisa hore e mong le e mong o tseba seo a tlamehang ho se etsa. Molaong wa lona wa motheo, ke bontshe ka ho hlaka hore mesebetsi le boikarabelo ba motho e mong le e mong ke bofeng.
Bolokang motho e mong le e mong a le leseding. Ka dinako tsohle ho tshwanetse hore ho be le puisano e ntle pakeng tsa e mong le e mong ya amehang, bobedi ka hare ho motse le basebetsi-mmoho ba leng ka ntle ho motse. Sena se ka etswa dibokeng tsa ka mehla le dinako tseo ho fanwang ka ditlaleho tsa dipotso tse ileng tsa botswa, mananeong a thupello, mangolong le ditsebisong tsa batho bohle—le esita le dipuisanong tsa letsatsi le letsatsi le batho ba bang. Bolellang batho hore ho etsahalang le ho mamela maikutlo a bona le mehopolo. Sena se tla le thusa ho sebetsana le mathata pele a hola ho ba dikgohlano tse kgolo.
Tsebang batho hore ba bopa karolo ya motse wa lefatshe lohle. Mananeo a CBNRM a ntshetswa pele lefatsheng kaofela, e seng feela motseng wa lona. Bolellang batho hore mosebetsi-mmoho le lona wa NGO o tla kgona ho le nea lesedi le batsi. Batho ba tshwanetse ho tseba ka melao le dipholisi tsa Afrika Borwa tse amang CBNRM, le ditumellano tseo mmuso wa Afrika Borwa o di saeneng le motse wa matjhaba. Ditumellano tsena di bolela hore Maafrika Borwa a tla sebetsa hore a sireletse mehlodi ya tlhaho le ho ntlafatsa bophelo ba batho ba sebedisang mehlodi ena.
DITATAISO
KAROLO 6
Ditsebi tsena ke batho ba sebetsang diprojekeng tsa CBNRM ka mehla mme di na le ditsebo le bokgoni ba ho thusa ho theha diprojeke tsa CBNRM. Ditsebi tsena di kenyelletsa batho ba sebetsang ho di-NGO, mekgatlong ya batshehetsi ba tjhelete, bafuputsi le batsamaisi mafapheng a mmuso ba amehang mananeong a CBNRM. Mosebetsi wa bona ke ho thusa metse hore e thehe le ho tsamaisa diprojeke tsa CBNRM—ho di hlophisa. Ditataiso tsena ke tsa lona ka ho kgethehileng.
Ditsela tse sa tshwaneng tsa ho iphedisa. Metse e na le ditsela tse ngata le tse fapaneng tsa ho iphedisa ho tsa mobung wa tsona le mehloding ya tlhaho. Sena se bohlokwa—se bontsha hore dinakong tsa qomatsi metse ena e ke ke ya itshetlela feela ka ditsela tse mmalwa ho kgahlanyetsa ditlhoko tsa motheo tsa bohlokwa. Le tshwanetse ho etsa bonnete ba hore batho ba tswela pele ba na le ditsela tse sa tshwaneng tseo ba ka tswelang pele ba iphedisa ka tsona. Projeke ya CBNRM e tshwanetse ho phaella menyetla e metjha bakeng sa batho.
Ho beha leihlo le ho hlokomela hore mehlodi ena ya tlhaho ka hloko. 'Setshehetso sa mehlodi ya tlhaho' —mobu, metsi, dimela le diphoofolo—ke kgubu ya projeke ya CBNRM. Haeba setshehetso sena se qheletswa, ho ke ke ha ba le mananeo a CBNRM. Pele projeke efe kapa efe ya CBNRM e qadiswa, ho hlokahala lesedi la nnete, le nepahetseng mabapi le setshehetso sena sa mehlodi ya tlhaho le kamoo mehlodi ena e sebediswang ka teng (hore ho sebediswa eng, le hore e sebedisetswa eng, le hore e sebediswa ke bo-mang, hore ba sebedisa boholo bo bokae ba mehlodi ena le hore e sebediswa kgafetsa hakae). Hape ho hlokahala hore ho tsejwe tlhahiso ya mehlodi ena mabapi le tshehetso ya bophelo sebakeng seo—hore ke mehlodi e mekae e ka sebediswang pele ho fihlellwa tekanyo eo tsamaiso ya mehlodi ena e senngwang.
DITATAISO
Etsang leano la botsamaisi le ho hopola hore batho ba motse ke bona ba phethahatsang karolo e leng setsing kapa ya bohlokwa leanong lena mme ba tshwanetse ho kenyelletswa ho tloha sethathong. Qalang ka leano le bonolo le thehilweng motseng, behang melao le ho etsa molao wa motheo, mme le hahe hodimo dintho tsena. Fumanang keletso ya setsebi empa le tiise hore leano le fihlella ditlhoko tsa baahi ba motse. Rerang hore le tjhelete e itseng e amohelwang diprojekeng tsa CBNRM e kgutliswe bakeng sa tsamaiso ya mehlodi ya tlhaho. Boiphihlelo bo bontsha hore tjhelete e amohelwang e fihlang ho 10% to 20% hangata le lekane. Palo ya nnete ya tjhelete e tla fapana ho ya ka mehlodi ena le ka diprojeke.
Lemohang hore projeke e nngwe le e nngwe ya CBNRM e fapane le e nngwe. Ha se ka mehla le ka sebedisang seo le se sebedisitseng projekeng e nngwe ya CBNRM projekeng e nngwe e fapaneng. Utlwisisang maemo a motse le ho fetola katamelo ya bohlophisi ba lenaneo ka ho loketseng. Batho ba motse ba na le ditsela tsa bona tsa ho etsa dintho—hlomphang sena le ho ithuta kamoo le ka sebedisang seo. Behang melao bakeng sa motse le melao ya boitshwaro eo batho ba dumellanang le yona. Mme ka nako e tshwanang, le tsebe dipholisi le maano a naha, profensi le lehae le sebedisa molemong wa lona. Ha ho na moralo wa molao bakeng sa CBNRM. Sebedisang dithuto tseo le bileng le tsona nakong e fetileng, mme le hlahlobe dithuto tsena ka mehla.
Hahang mokgatlo wa motse. Baahi ba motse ke bona beng ba lenaneo la CBNRM. Mokgatlo wa CBNRM wa motse o tshwanetse ho tsamaisa le ho etsa diqeto. Haeba o kgoneha, sebedisang mokgatlo leng teng. Empa haeba ho se na mokgatlo o tshwanelehang, o tiileng wa motse, le tshwanetse ho theha mokgatlo o motjha wa CBNRM. Karolo e nngwe ya sehlooho ya lona ke haha tsebo—ho thusa mokgatlo wa motse ka tshehetso le ho kwetliso hore o phethahatse mesebetsi ya wona. Tshehetso ya lona e tshwanetse ho tswela pele ha feela ho ntse ho hlokahala hore le hahe mokgatlo o matla wa motse o ka atlehang ho hlokomela projeke ya CBNRM.
DITATAISO
Tiisang hore lenaneo la CBNRM le tlisa melemo ya sebele, hona jwale le hamorao, bakeng sa baahi ba motse. Melemo ya CBNRM baahing ba motse e tshwanetse hore bonyane e lekane le ditjeo tse akarelletswang tsa ho tsamaisa lenaneo la CBNRM. Baahi ba motse ba na le bophelo bo maphathe-phathe, mme phepelo ya mobu e leqeme. Ba ke ba ba ithaopela ho fana ka mobu wa bona habonolo hammoho le nako ya bona bakeng sa CBNRM ntle le haeba ho na le melemo e totobetseng bakeng sa bona. Tiisang hore diprojeke tsohle tsa CBNRM le na le leano le nepahetseng la kgwebo le monyetla o motle wa ho atleha. Sena se kenyelletsa ho tiisa hore ho na le mmaraka bakeng sa thepa e hlahiswang kapa ditshebeletso tse fanwang ke diprojeke tsa CBNRM. Leano le tshwanetse ho kenyelletsa tlhahlobo ya boleng ba thepa— thepa ya boleng bo fokolang e ke ke ya rekwa!
Sebedisang bahlophisi ba nang le tsebo le batshehetsi ba bang le baeletsi bao le ka ba tshepang mohato o mong le o mong. Sepheo ke hore baahi ba motse ba tsamaisi projeke ena ya CBNRM ntle ho bohlophisi le tshehetso e tswang ka ntle, empa ho fihlella sena ho tla nka nako e telele haholo. Maemong a mang, ditshebeletso tse kgethehileng (jwaloka ho batla dimmaraka) ho ka fanwa ka dinako tsohle ke mosebetsi-mmoho ya tswang ka ntle. Sena se etswa maemong a mangata a kgwebo. Moo ho kgonehang le kenyelletse baahi ba motse ba nang le ditsebo le bokgoni mme moo ho se nang batho ba motse ba nang le tsebo e jwalo, rerang hore le fetisetse ho baahi ba motse ditsebo tse hlokahalang kapele kamoo ho ka etsahalang.
Etsang bonnete ba hore batho ba tshwanelehang ba kenyelletswa lenaneong la CBNRM. Kenyelletsang batho ba nang le ditsebo, ba nang le mafolo-folo le bokgoni ba ho sebedisana hantle le batho ba bang. Batho bana e tshwanetse ho "bo-mmampodi" kapa baetapele bakeng sa mosebetsi o mong le o mong projekeng ena. Ho tshwanetse ho ba jwalo mabapi le mokgatlo wa motse le basebetsi-mmoho ba tswang ka ntle jwaloka mafapha a mmuso le di-NGO. Moo ho kgonehang, hahang baetapele ba motse— nehang batho ba se nang boiphihlelo boikarabelo le kwetliso le tshehetso eo ba e hlokang.
DITATAISO
Lebellang kgohlano le ntwa ya ho nka marapo a taolo, kenyelletsang sena leanong la lona ho tloha qalong. Motse o mong le o mong o na le dintwa tsa wona tsa ho nka marapo a taolo. Le tshwanetse ho utlwisisa matla a dipolotiki a sebaka seo e le hore le ka sebetsana le dikgohlano dife kapa dife ha di hlaha. Le ka lebella dikgohlano mohatong ofe kapa ofe wa lenaneo la CBNRM empa ka ho kgethehileng ha lenaneo lena le qala ho hlahisa melemo ya lona. Leanong la lona, nahanelang dikarolo tseo ho ka hlahang kgohlano ho tsona mme leanong la lona le kenyelletse tsela ya ho hlokomela kgohlano eo le ditsela tsa tharollo tseo e mong le e mong a dumelang. ho di sebedisa.
Hahang ditumellano le basebetsi-mmoho ba ka ntle le ho sebetsa ka thata ho hlokomela ditumellano tsena. Sebetsang le mekgatlo e meng ya mmuso le mafapha a praevete, mme le bulele mekgatlo ena monyetla. Etsang bonnete ba hore mekgatlo ena e una melemo ka ho sebetsa le lona, empa le hlokomele hore sena se se bake mathata a matjha. Haeba basebetsi-mmoho ba tswang ka ntle ba ameha dikarolong tse kgolo tsa projeke, jwaloka ho bokella mehlodi ena, sebetsang haufi-ufi le bona ho hlokomela ho beha mesebetsi ya bona leihlo le ho bontsha baahi ba metse kamoo ba tshwanetseng ho sebedisana le basebetsi-mmoho bana.
Etsang bajete e ka fihlellwang. Mananeo a CBNRM a kenyelletsa botsamaisi bo kopanetsweng. Botsamaisi bo kopanetsweng bo tla bitsa ditjeo tse eketsehileng, bo nka nako e telele, ho feta feela botsamaisi bo tlwaelehileng. Ke hobane ho hlokahala nako le tjhelete e eketsehileng ho etsa hore ho nka karolo le tshebedisano di sebetse. Empa ke tsela e atlehang ka mora nako e telele, haholo-holo diprojekeng tsa motse. Le tshwanetse ho tiisa hore bajete ya lona e kenyelletsa tjhelete e eketsehileng ya ditjeo.
Le se kwetle lesedi le hlokahalang le ho bua nnete. Sebedisang nako e ngata dipuisanong mme haeba ho na le ho se utlwane, lekang ho fumana ditharollo tse tshepahalang le tse ka sebetsang bakeng sa e mong le e mong. Empa le se ke la ba le pelo e bonolo bakeng sa dihlopha tse lekang ho qobella dithahasello tsa tsona. Ho tloha fatshe feela hlalosetsang e mong le e mong projeke ena ka mokgwa o hlakileng. Kgothalletsang dipuisano tse sa kwetleng lesedi ka bohlokwa, ho dumellwe dipotso le dipuisano ka dinako tsohle. Etsang bonnete ba hore tlatsetso ya motho e mong le e mong e ya nahanelwa leanong la nakong e tlang.
DITATAISO
KAROLO 7
DITATAISO TSE SEBETSANG TSE LESHOME LE METSO E MERARO BAKENG BAETSI BA DIPHOLISI
Baetsi ba dipholisi ke batho ba leng mmusong ba etsang melao le dipholisi tse amang mananeo a CBNRM. Ditataiso tsena ke tsa lona.
Kenyelletsang metse le ho amohela dikatamelo tse ntjha. Kenyelletsang metse ho tloha qalong ya ho etswa ha pholisi. Ka hobane ke bona bao qetellong e leng basebedisi le basireletsi ba mehlodi ena ya tlhaho. Moo ho kgonehang, kenyelletsa tsebo ya motse le ya moetlo ha le etsa dipholisi tsena. Ikemisetseng ho etsa diphetoho dipholisi haeba boiphihlelo bo fanwang ke metse bo bontsha hore diphetoho tse jwalo di a hlokahala.
Ditokomane tsa pholisi di lokela ho ba bonolo ho utlwisiswa mme ho be bonolo ho fihlella ditokomane tsena. Etsang bonnete ba hore dipholisi tsena di ngotswe ka dipuo e hlakileng. Dikopi tsa ditokomane tsa pholisi di tshwanetse ho fumaneha bakeng sa e mong le e mong ya amehang projekeng ya CBNRM. Moo ho kgonehang, fetolelang ditokomane tsena ka dipuo tsa batho ba metse eo.
DITATAISO
Dipholisi tsa naha le tsa profensi di tshwanetse ho fana ka mabaka bakeng sa melao ya motse. Ho bohlokwa ka ho kgethehileng hore diprojeke tsa CBNRM di hokahanngwe le di-IDP tsa motse le tsa setereke, ka hobane IDP e kopanya boikitlaetso bohle ba ntshetsopele ya motse. IDP ba nahanela melao le dipholisi tsa naha le tsa diprofensi le mananeo. Ka lebaka lena, mmasepala wa motse o tshwanetse ho sebetsa haufi-ufi le lenaneo la motse la CBNRM. Ka ho tlwaelehileng lekgotla la motse le tshwanetse ho theha komiti ya CBNRM ka sehlopha se sebetsang hore se sebetse le mokgatlo wa motse wa CBNRM. Ho fihlella sena, dumellang monyetla bakeng sa batho ba motse hore ba etse melao ya bona, ba sebedisa tsebo le ditso tsa motse.
Ikemisetseng hore qetellong le fetisetse matla a taolo ho basebedisi ba mehlodi ena. Hang ha lenaneo la CBNRM le entswe mme le sebetsa, mme ho na le tsebo le kwetliso e hlokahalang, matla a ho tsamaisa mehlodi ena ya tlhaho a tshwanetse ho fetisetswa lenaneong lena. Nehang batho tshireletso ya nako e telele le ditokelo tsa mehlodi ena le mobu. Batho ba tshwanetse ho tseba hore ditokelo tsa bona tsa mobu le mehlodi ena ya tlhaho di sireletsehile pele ba fana ka nako le tjhelete ya bona botsamaising ba mehlodi ya bona tsa tlhaho.
Kenyelletsang motho e mong le e mong ya amehang lenaneong la CBNRM. Motho e mong le e mong ya angwang ke botsamaisi ba mehlodi ya tlhaho ya motse ba tshwanetse ho kenyelletswa projekeng ya CBNRM. Ho kenyelletswa baetapele ba moetlo dibakeng tseo ba nang le tshusumetso ho tsona.
Lefapha le leng le le leng le tshwanetse ho tiisa hore melao, dipholisi le ditumellano tsa motse di a bolokwa le ho latelwa. Mafapha a tshwanetse ho beha leihlo mananeo a CBNRM ho etsa bonnete ba hore melao le dipholisi di a latelwa. Hape ba tshwanetse ho beha leihlo batsamaisi ba mafapha ho etsa bonnete ba hore ba etsa mesebetsi ya bona hantle.
DITATAISO
Pholisi tsena di tshwanetse ho ba le matla a ho fana ka kotlo. Difaene tse loketseng le dikotlo di tshwanetse ho fanwa ha melao e tlolwa. Dikotlo di tshwanetse ho eketswa bakeng sa ditlolo tse phetwang. Batsamaisi ba sebetsang le metse ba tshwanetse ho dumellwa ho sebedisa kahlolo ya bona e molemo ha ba sebedisa molao. Lemohang hore boemo ka bong bo fapane.
Behang maemo a hlakileng bakeng sa ho fetiswa ha matla a taolo. Baahi ba motse ba tshwanetse ho tseba seo ba tshwanetseng ho se etsa e le hore ba fuwe matla a ho tsamaisa mehlodi ya tlhaho. Maemo ana a kenyelletsa: ho kgetha bolaodi bo tsa hlokomela lenaneo lena; ho theha lekgotla la molao le jwaloka Trust, Communal Property Association kapa khamphani ya Karolo 21; ho bontsha hore ba na le tsebo le bokgoni bo hlokahalang ba botsamaisi, le hore ba na le tsamaiso e sebetsang ya ho beha lenaneo lena leihlo. Thuso ya tsebo ya mosebetsi e tswang ka ntle e tshwanetse ho fanwa e le hore metse e ka fihlella maemo ana.
Haha tsebo ya mosebetsi. Lemohang le ho sebedisa ka ho feletseng metjha e leng teng e fanang ka tshehetso ya ditjhelete kwetliso e hlokahalang e ka fuwang basebedisi ba motse ba mehlodi ena e le hore ba hlokomele mehloding ya ya bona ya tlhaho. Nakong eo le etsang leano la lona tiisang hore le aba ditjhelete bakeng sa dithupello tse tshwanetseng. Thupello ena e ka hlokahala le bakeng sa batsamaisi ba motse ba mmasepala e le hore ba ka fana ka tshehetso e hlokahalang lenaneong la CBNRM.
Heletsang dithibelo pakeng tsa mafapha. Lefapha ka leng kapa lekgotla le tshwanetse ho tseba ka ho hlakileng karolo ya lona lenaneong la CBNRM. E le hore ho hokahanngwe mesebetsi ya mafapha e amanang le mananeo a CBNRM, diforamo tsa banka-karolo tsa bangata di tshwanetse ho thewa mme ho be le baemedi ho tswa ho banka-karolo kaofela ba baholo. Diforamo tsena kapa dikomiti di ka thewa bakeng sa diprojeke kapa mananeo a kgethehileng feela le ho emiswa ka mora ho fihlella dipakane tsa lenaneo kapa projeke eo.
DITATAISO
Fumanang lesedi le nepahetseng pele le saena ditumellano tsa molao. Pele mafapha a mmuso a saena ditumellano bakeng sa diprojeke tsa CBNRM, a tshwanetse ho etsa bonnete ba hore diprojeke tsena di ka ikemela ditjheleteng le hore ka nnete di tla hlahisa melemo tshireletsong ya mehlodi ya tlhaho. Le tshwanetse ho tiisa hore ka nnete projeke eo ke mofuta wa projeke wa CBNRM.
Tiisang hore e tla ba bonolo bakeng sa metse ho una melemo lenaneong la CBNRM. Mmuso o ka nka mehato e tiisang hore metse e nolofallwa ho fumana tjhelete ka mananeo ana a CBNRM. Ka mohlala, thepa e ka rekiswang e ka romelwa metseng e meng; metse e ka fuwa tumello ya ho fana ka mangolo a tumello kapa ho hirisetsa dihlopha tse tswang ka ntle (jwaloka dikgwebo tsa praevete) tshebediso ya mehlodi ena ya tlhaho tlasa maemo a itseng. Behang leihlo tshebediso ya molao le tshehetso e tswelang pele ya ditumellano tse jwalo pakeng tsa metse le dikgwebo tsa praevete.
Tshireletso ya molao ya mobu ditshokelong tse tswang ka ntle
Tshehetso ya tsebo ya mosebetsi bakeng sa mesebetsi ya botsamaisi ya batho ba motse
Ditshebeletso tsa bohlophisi
Phihlello ya dikadimo tsa tjhelete le ditjhelete tse ding
Ho matlafatsa makgabane a setso le a moya.
DITATAISO
Dintlha tsa ho ikopanya 61
Lethathamo la mabitso le dinomoro tsa difounu
Ditataiso mabapi le Sehlopha sa Basebetsi Lenaneong
DITATAISO
Mafapha a diprofensi
Limpopo:
Mpumalanga
DITATAISO
Dintlha tsa ho ikopanya 63
Di-NGO le di-CBO tse ngata di ile tsa nka karolo puisanong tsa mananeo a diboka tsa dithupello le ho tlatsetsa ditataisong tsena. Tse ding tsa tsona di thathamisitswe mona ka tlase. Ho ka ikopangwa le IUCN bakeng sa dintlha tsa banka-karolo ba bang.
Motse wa Moruleng
Motse wa Bushbuckridge
DITATAISO
Mabitso le dinomoro tse ding
Sebedisa leqephe lena bakeng sa mabitso le dinomoro tse ding tsa founu:
DITATAISO
